Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 10:29 - BIBELE

29 Tsela ya Morena ke tshabelo sa ba lokileng, empa ba kgopo bona e a ba timetsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Tsela ya Jehova ke qhobosheane ho ya kgabane, empa ho ba kgopo ke tshenyeho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 10:29
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Na hase timelo ho baetsadibe, le koduwa ho ba etsang bokgopo?


hobane Morena o tseba tsela ya ba lokileng, athe tsela ya ba kgopo e isa timelong.


Moikgohomosi a se bee leoto pela ka, letsoho la ya kgopo le se nteleke.


Empa ba kgopo ba tla timela; bao e leng dira tsa Morena ba tla fela jwaloka botle ba makgulo, ba nyamele jwaloka mosi.


Ha ba feta kgohlong e omeletseng, e fetoha didiba; le yona pula ya selemo e e apesa ka mahlohonolo.


Motho wa lewatla a ke ke a e tseba, sethoto se ke ke sa e utlwisisa.


Ha ya kgopo a eshwa, tshepo ya hae e a fela, maruo ao a neng a a tshepile le wona a a fela.


Toka e sireletsa ya lokileng, bokgopo bona bo kudupanya baetsadibe.


Ha ho sebetswa ka toka ba lokileng ba a thaba, athe ba kgopo bona ba tlalwa ke tshabo.


empa ba tshepileng Morena ba tla tsoha molota, ba fofele hodimo jwaloka ntsu; ba tla matha, empa ba ke ke ba kgathala, ba tsamaye, ba se ke ba fellwa ke matla.


Ya bohlale ke mang? Tsena o tla di hlokomela. Ya masene ke mang? Yena o tla di utlwisisa. Ditsela tsa Morena di nepahetse, ba lokileng ba tla tsamaya ka tsona, baetsadibe ba kgothometsehe ho tsona.


Matla a bona a tla tswa ho Morena, ba mo kgumamele, ba mo hlomphe,” ho rialo Morena.


Nka etsa tsohle ka Kreste ya mmatlafatsang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ