Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 10:25 - BIBELE

25 Sefefo se sheshena ya kgopo se ye le yena, motheo wa ya lokileng o hlola kamehla yohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Jwaloka setsokotsane ha se feta, ya bolotsana o feta jwalo; empa ya lokileng o tiile ka ho sa feleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 10:25
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ya lokileng o tla tiisetsa tseleng ya hae, ya matsoho a hlwekileng a nne a matlafale.”


O tla fela sa toro, a se hlole a fumanwa; jwaloka pono ya bosiu a nyamele.


Ke hakae ba kang dirite ha moya o pepetla, ba kang mmoko ha sefefo se o fefera?


Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Ba tshepileng Morena ba jwaloka thaba ya Sione, e ke keng ya sisinngwa, e tiileng kamehla.


Ha a adimane ka tjhelete ho iphumanela phaello, ha a amohele tjotjo ho ahlola ya se nang molato. Ya etsang tsena a ke ke a sisinngwa le ka mohla.


Etlare ba eso lemohe a ba fothole sa hlabahlabane, a ba fefole sa lehola ka kgalefo, ka kgalefo ya hae e tukang.


Ba ke ba qhididihe sa kgofu ha e ntse e tsamaya, ba be jwaloka sefolotsana, sona se sa boneng letsatsi.


Ha tlokotsi e le wela hodimo, e le wela hodimo sa sefefo, koduwa e le fefola, e le fefola sa setsokotsane, mahlomola le mapalesapelo a le sithabeditse,


Ya lokileng a ke ke a sisinyeha, empa ba kgopo ba tla fela lefatsheng.


Bokgopo ha bo ke be bo bope motho, ba lokileng bona ba ke ke ba sisinngwa.


Ho hlolwa ha ba kgopo ke ho fela ha bona, athe lapa la ya lokileng lona le tiya kamehla.


Ba jwaloka sethopo se qetang ho hlongwa, seo metso ya sona e eso ka e tiya; ha moya wa Modimo o foka se ye se pone, setsokotsane se se fefole jwalokaha eka ke mmoko.


Jwale le nna ke a o bolella, ke re: ‘O Petrose,’ mme hodima lefika lena ke tla haha kereke ya ka, mme monyako wa Nqalo ya Bafu o ke ke wa e hlola.


Le hahilwe hodima motheo oo e leng baapostola le baporofeta, oo Kreste Jesu ka sebele e leng lejwe la mantlha la wona.


Kahoo ba tla ipokellela letlotlo le letle la kamoso, ba tle ba fumane bophelo ba nnete.


Leha ho le jwalo, motheo o tiileng, oo Modimo a o entseng, o ntse o tsitsitse, o ngotswe mantswe ana: “Morena o tseba bao e leng ba hae,” le ana: “Bohle ba rapelang Morena ba hlobohe bokgopo.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ