Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 10:14 - BIBELE

14 Ba bohlale ba ipokellela tsebo, empa polelo tsa sethoto di isa timelong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ba hlalefileng ba ipokellela tsebo, empa molomo wa mawatla o fehla tshenyeho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 10:14
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ya bohlale a a mamele, a eketse tsebo le kutlwisiso, ya nang le kutlwisiso a fumane tataiso,


Ya iphapanyetsang phoso o baka moferefere, sethoto se beberang sona se tla timela.


Ya bohlale o tla mamela molao pelong ya hae, sethoto se beberang sona se tla timela.


Mohlalefi ha a boledisake tsebo ya hae, sethoto sona se pepesa bothoto ba sona.


Ya tshwarang leme la hae o baballa bophelo ba hae, ya phasolohang feela yena o tla timela,


Motho ya pelo e kgopo ha a atlehe; ya leme le tletseng thetso o tla timela.


Ya iketsang mokgelo o ithata boyena, tsohle tsa bohlale o hanyetsana le tsona.


Ya nang le kutlwisiso o fumana tsebo, tsebe ya ya bohlale e lethwethwe ho mo mamela.


Sethoto se timetswa ke dipuo tsa sona, se tshwaswa ke leraba la polelo tsa sona.


Ya ipatlelang bohlale o rata bophelo ba hae, ya nang le kelello, katleho ke ya hae.


Ya kwalang molomo, a tshwara leme la hae, o iphemisa hore a se kene ditsietsing.


Rupela mohlalefi a tla hlalefe haholo, o rute ya lokileng a eketse thuto ya hae.


Polelo tsa ya bohlale di a kgahleha, athe tsa sethoto tsona di a se timetsa;


Motho ya lokileng o ntsha tse lokileng letlotlong le lokileng; athe motho ya kgopo o ntsha tse kgopo letlotlong le lebe.


“Mmuso wa mahodimo o tshwana le letlotlo le patilweng tshimong, leo eitseng ha motho a le fumana, a le pata, mme thabong ya hae a ya rekisa tsohle tseo a nang le tsona, a reka tshimo eo.”


A re ho bona: “Ka baka leo, Setsebi se seng le se seng sa Molao se rutilweng tsa Mmuso wa mahodimo se tshwana le monga ntlo ya ntshang tse ntjha le tsa kgale letlotlong la hae.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ