Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 10:13 - BIBELE

13 Bohlale bo fumanwa dipolelong tsa ya nang le kutlwisiso, empa thupa e kgalema ya se nang kutlwisiso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Bohlale bo fumanwa molomong wa motho ya masene, empa thupa e mokokotlong wa ya sa utlweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 10:13
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O se ke wa tshwana le pere kapa mmeile, tsona di hlokang kelello, di thapiswang ka tomo le marapo; ho seng jwalo o ke ke wa di laola.


Molomo wa ya lokileng o bolela tsa bohlale, leleme la hae le bua tsa ho loka.


Morena a re ho Moshe: “Otlollela letsoho la hao hodima naha ya Egepeta, hore ditsie di tle; di aparele naha ya Egepeta, di je dimela tsohle tsa naha, le tsohle tse siilweng ke sefako.”


Polelo tsa ba lokileng di ruta ba bangata, thoto tsona di shwa ke ho hloka kutlwisiso.


Molomong wa ya lokileng ho tswa bohlale, leme le kgopameng le tla pongwa.


Karabo e nepahetseng e thabisa monga yona, e tlang ka nako ya yona e molemo hakaakang!


Molomo wa ya bohlale o jala tsebo, pelo ya ya sethoto yona e mpe.


Ya bohlale ho thwe o na le kutlwisiso, polelo tse monate tsona di a kgodisa,


Ya bohlale o phakisa ho amohela kgalemo, thoto ha se shapuwa halekgolo ha se mamele.


Basomi ba emetswe ke kahlolo, mekokotlo ya dithoto yona e emetswe ke phafa.


Kgauta e teng le mabenyane a bohlokwa a teng, empa molomo o bolelang tsebo ke lehakwe la bohlokwa.


Phafa e shapa pere, tonki e hulwa ka tomo, thoto sona se phekolwa ka thupa.


Lehlanya o ka le tulella ka lefudung, wa le silella le mabele ka tshilo; empa bohlanya bo ke ke ba le tlohela.


Motho ya febang o hloka kelello, ya etsang jwalo o timetsa bophelo ba hae;


Ka ho panya ha ntshi mohlankana a le sala morao, a le latela sa pholo e iswa tlhabong, sa kgama e tlolela ka lemeneng;


Morena Modimo o nneile leleme la barutehi, ke tle ke tsebe ho kgothatsa ba tepeletseng. Hoseng ho hong le ho hong o a ntsosa, a etse hore ke hlwaye tsebe, ke mamele jwaloka morutuwa.


Bohle ba mo paka, ba makalla mantswe a mohau a tswang molomong wa hae, mme ba re: “Ana eo hase mora wa Josefa?”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ