Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 10:1 - BIBELE

1 Ana ke maele a Solomone: Ngwana ya bohlale o thabisa ntatae, ngwana ya sethoto ke masisapelo ho mmae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Diproverbia tsa Salomone. Ngwana ya hlalefileng ke thabiso ho ntatae; empa ngwana ya lewatla ke mapalesapelo ho mmae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 10:1
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Solomone a qapa maele a dikete tse tharo; difela tsona tsa eba sekete le metso e mehlano.


Ana ke maele a Solomone, mora wa Davida, kgosi ya Iseraele,


Mora ya bohlale o mamela thuto ya ntatae, empa moikakasi ha a natse kgalemo.


Ngwana ya bohlale o thabisa ntatae, empa sethoto sona se nyedisa le mma sona.


Ya tswalang sethoto o itswalla ditsietsi, ntata sethoto o hloka thabo.


Mora ya sethoto o tlisa masisapelo ho ntatae, bohloko ba pelo ya mmae bo baba seka leshokgwa.


Mora ya sethoto o tlisetsa ntatae koduwa, komang tsa mosadi di ka metsi a rothang, ho ya ho ile ha pula e na.


Ana le wona ke maele a Solomone, ao banna ba Hesekiea, kgosi ya Juda, ba ileng ba a bokella, ba a ngola:


Mora ka, hlalefa, o thabise pelo ya ka, ke tle ke arabe motho ya nnyatsang.


Thupa le kgalemo di tlisa bohlale, empa ngwana ya tlohetsweng feela, o hlabisa mmae dihlong.


Kgalema mora wa hao, o tla fumana phomolo, le moya wa hao o nyakalle.


Ya ratang bohlale o thabisa ntatae, ya mathang le diotswa o hafaka leruo la hae.


Moruti o ne a sa hlalefa feela, empa o ne a bile a ruta batho tseo a di tsebang. O ile a nahana, a fuputsa, mme a hlophisa maele a mangata.


Ke mang ya tsebang haeba eo o tla ba bohlale kapa e be sethoto? Leha ho le jwalo o tla laola mesebetsi yohle eo ke e entseng mona lefatsheng ka matla a ka le ka bohlale ba ka. Hona le hona ke lefeela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ