Kahoo re hlomphile taelo eo ya ntata rona moholo Jonadabe, mora wa Rekabe, dinthong tsohle tseo a re laetseng tsona, e leng ho se nwe veine ka matsatsi wohle a ho phela ha rona, rona le basadi ba rona, le bara ba rona, le baradi ba rona.
Batho ba mo tlisetsa monna ya shweleng ditho, ba mo nkile ka diphate. Ha Jesu a bona tumelo ya bona, a re ho ya shweleng ditho: “Ngwana ka, beta pelo, o tshwaretswe dibe tsa hao.”
Ha ke lebale tumelo ya hao e se nang boikaketsi, e leng tumelo eo nkgonwao Loise le mmao Eunike ba neng ba ena le yona, mme ke kgodisehile hore le wena o na le yona.
Ha motho a sitelwa motho e mong, Modimo o tla mo ahlola, empa haeba motho a ka sitelwa Morena, ke mang ya tla mmuella?” Leha ho le jwalo ba se ke ba mamela ntata bona, hobane Morena o ne a rerile ho ba bolaya.