Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 1:7 - BIBELE

7 Ho tshaba Modimo ke qaleho ya tsebo, empa dithoto di nyedisa bohlale, di nyedisa le tayo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ho tshaba Jehova ke motheo wa tsebo; empa ba mawatla ba nyedisa bohlale le thuto.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 1:7
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Yaba o re ho motho: ‘Ho tshaba Morena ke bona bohlale; ho furalla bokgopo ke yona kutlwisiso.’ ”


Qaleho ya bohlale ke ho tshaba Morena, bohle ba sedi ba phela jwalo. O lokelwa ke thoriso kamehla.


“Lona ba se nang tsebo, le tla rata ho se be le tsebo ho fihlela neng? Basomi ba thabele ho soma ho fihlela neng? Thoto di hloye tsebo ho fihlela neng?


Ya sa natseng thuto o a inyedisa, empa ya mamelang kgalemo o ekeletswa kutlwisiso.


Ho tshaba Morena ho ruta motho bohlale; ikokobetse pele, mme o tla tlotlwa.


Sethoto se nyedisa thuto ya ntata sona, athe ya ratang kgalemo yena o a hlalefa.


Sethoto ha se thabele ho ba le kutlwisiso, se thabela ho pepesa mehopolo ya sona.


kutlwisiso ya ho tshaba Morena o tla e fihlela, ho tseba Modimo le hona o ho fumane.


O se ikgathatse ho bua le sethoto, hoba se tla nyedisa bohlale ba dipuo tsa hao.


“Ho tshaba Morena ke qaleho ya bohlale, ho tseba Ya Halalelang ke yona kutlwisiso.


Tsohle jwale di utlwahetse, mme qetello ya taba ke ena: Tshaba Modimo, o boloke melao ya hae, hoba hona ke tshwanelo yohle ya motho.


Kaha ba ne ba sa bone ho hlokeha hore ba amohele Modimo eo ba mo tsebileng, Modimo o ba tloheletse ba ntse ba tsherehane dikelello, e le hore ba etse tse sa tshwanelehang.


Ka baka leo, e bolokeng, mme le e phethe, hobane hona ho tla bontsha bohlale ba lona, le kutlwisiso ya lona, mahlong a ditjhaba tse tla utlwa melao ena yohle, mme di re: ‘Ruri setjhaba sena se seholo ke setjhaba se bohlale, se nang le kutlwisiso.’


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ