Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 1:5 - BIBELE

5 Ya bohlale a a mamele, a eketse tsebo le kutlwisiso, ya nang le kutlwisiso a fumane tataiso,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ya bohlale a utlwe, mme o tla eketsa tsebo; ya hlalefileng le yena o tla ithuela masene,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 1:5
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yare ha moporofeta a ntse a bua le Amasiya, kgosi Amasiya a re ho yena: “Ke ho tloha neng re o kgethileng ho ba moeletsi wa kgosi? Kgutsa, esere ka o bolaya!” Yaba moporofeta o a kgutsa, a nto re: “Ke a tseba hore Modimo o rerile ho o timetsa, hobane o entse hona, mme ha o a ka wa mamela keletso ya ka.”


“Lona bahlalefi, mmameleng ke hona: Modimo a ke ke a ba a etsa bokgopo, Ya Matla wohle a ke ke a ba a etsa phoso.


“Ha o le bohlale, ako mamele, polelo tsa ka o di sekehele tsebe!


“Lona bahlalefi mamelang polelo tsa ka! Lona bo-tsebanyane theang tsebe le mmamele!


“Ba nang le kutlwisiso ba tla bolela, banna ba bohlale, ba nkutlwang, ba re:


Ya ratang ho lauwa o rata tsebo, ya hloileng ho kgalengwa ke phoofolo ya naha;


Mosomi o batla bohlale, empa ha a bo fumane, ya nang le kutlwisiso tsebo o e fumana habonolo.


Ya nang le kutlwisiso o fumana tsebo, tsebe ya ya bohlale e lethwethwe ho mo mamela.


Shapa mosomi, ya se nang tsebo a tle a hlalefe; kgalema ya hlalefileng, yena o tla fumana tsebo.


Ha mosomi a otlwa, ya se nang tsebo o a hlalefa; ha ya bohlale a rutwa, yena o fumana tsebo.


Mamelang thuto ya ka le tle le hlalefe, le se ke la hana ho e mamela.


Se kgaleme mosomi, esere a o hloya, kgalema ya bohlale, yena o tla o rata.


Rupela mohlalefi a tla hlalefe haholo, o rute ya lokileng a eketse thuto ya hae.


Ke bone ho hong hape mona lefatsheng: Ba lebelo hase bona ba siyang kamehla, dinatla hase tsona tse hlolang kamehla, ba bohlale hase bona ba tjhayang kamehla, ba masene hase bona ba ruang kamehla, bahlalefi ha ba dule tulo tse phahameng kamehla; menyetla e tlela bohle ka dinako tsa yona.


Ke bua le lona le le ba bohlale; ke re le ikahlolele hore na ke reng.


Ka baka leo, e bolokeng, mme le e phethe, hobane hona ho tla bontsha bohlale ba lona, le kutlwisiso ya lona, mahlong a ditjhaba tse tla utlwa melao ena yohle, mme di re: ‘Ruri setjhaba sena se seholo ke setjhaba se bohlale, se nang le kutlwisiso.’


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ