Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 1:33 - BIBELE

33 Ya mmamelang o tla phela a sireletsehile, a phele ka boiketlo a sa tshabe bobe.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

33 Empa haele ya nkutlwang, yena o tla ikahela ka kgotso, a se na ho tsoha kotsi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 1:33
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha ba mo mamela, ba mo sebeletsa, ba tla qeta matsatsi a bona ka boiketlo, lemo tsa bona ba di qete ba atlehile.


Ka baka leo, ke ba tlohetse mangangeng a dipelo tsa bona, ba tsamaye ho latela merero ya bona.


Ba lokileng ba ke ke ba hlahelwa ke ditsietsi, empa ba kgopo ba tla aparelwa ke bobe.


Ya tshabang Morena o na le qhobosheane, bana ba hae ba fumana setshabelo.


Ke ka nna bohlale tshiu tsa hao di tla anafala, lemo tsa bophelo ba hao di lelefatswe.


Leha moetsadibe a ka etsa bokgopo halekgolo, yaba o phela halele, feela ke tseba hantle hore ba tshabang Modimo, ba mo hlomphang, ke bona ba tla phela hamonate.


O boloka kgotso ya ba maikutlo a tsitsitseng, hobane bona ba fela ba o tshepile.


Ho loka ho tla beha tholwana ya kgotso, ho loka ho tswale kgutso le letshepa kamehla.


“Hoja o kila mamela ditaelo tsa ka, kgotso ya hao e ka be le jwaloka noka, ho loka ha hao ho ka maqhubu a lewatle.


“Ntshekeheleng tsebe, mme le tle ho nna, le mmamele, meya ya lona e tle e phele. Ke tla etsa selekane sa kamehla le lona, e leng mehauhelo eo ke neng ke e tshepise Davida.


“ ‘Le tla boloka melao ya ka, le phethe ditaelo tsa ka, le di phethisise, le tle le phele ka boiketlo naheng eo.


Naha e tla beha ditholwana tsa yona, le je, le kgore, mme le phele ka boiketlo ho yona.


Yare a sa bua, leru le kganyang la ba kgurumetsa, lentswe la tswa lerung, la re: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang; mo mameleng.”


Ka tiisetso ya lona le tla ithuela bophelo.”


Ha le utlwa mekgosi ya dintwa le meferefere, le se ke la tshoha, hobane eka kgona tseo di etsahale pele, empa bofelo bo ke ke ba eba teng hanghang.”


Ka baka la tumelo ya lona, matla a Modimo a le sireletsa ho le isa pholohong, e seng e loketse ho bonahatswa nakong ya bofelo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ