Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 1:32 - BIBELE

32 Ba se nang tsebo ba a bolawa ke ho kgeloha ha bona, dithoto tsona di a timela, di timetswe ke ho se tsotelle ha tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Hobane ho kgeloha ha dithoto ke ho di bolayang, ho iketla ha mahlanya ke ho a timetsang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 1:32
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bakeng sa dijo ba nneile leshokgwa, ha ke nyorilwe ba nnea asene.


“Lona ba se nang tsebo, le tla rata ho se be le tsebo ho fihlela neng? Basomi ba thabele ho soma ho fihlela neng? Thoto di hloye tsebo ho fihlela neng?


Polelo tsa ba lokileng di ruta ba bangata, thoto tsona di shwa ke ho hloka kutlwisiso.


Motho ya bohlale o tshaba bobe, o a bo ila, empa sethoto se a tlatselela, se a itshepa.


Lapa la hae le kgannela lefung, tsela tsa hae di isa ho ba shweleng.


Motho ya kgopo o tshwaswa ke makgopo a hae, dikgwele tsa dibe tsa hae di mo kgatele ruri.


Ya sa mphumaneng o ipea kotsing, bohle ba ntlhoileng bona ba rata lefu.”


Lona ba se nang tsebo ithuteng bohlale! Lona dithoto batlang kutlwisiso!


Ya se nang tsebo ha a tsebe hore lefu le laletse moo, baeti ba mosadi eo ba feletse lebitleng.


Le nna ke tla ba otla ka kotlo e bohloko, ke ba tlisetse sona seo ba se tshabang. Ha ke ne ke bitsa, ha ho ya kila arabela, ha ke ne ke bua, ha ba a ka ba mamela. Ba entse bobe moo ke ntseng ke ba shebile, ba ikgethela dintho tse sa nthabiseng.”


Bokgopo ba hao ke bona bo tla o otla, ho mphuralla ha hao hona ho o kgaleme. Imamele ke hona o ele hloko kamoo o babelwang ke bokgopo ba hao, ha o furalla Morena, Modimo wa hao, o bile o so sa ntshabe le ho ntshaba,” ho rialo Morena, Modimo wa mabotho.


Lona ba iketlileng le le Sione le madimabe, le lona ba tshabetseng thabeng tsa Samaria; lona baetapele ba tjhaba se kapele ho tse ding, bao ntlo ya Iseraele e phallelang ho bona!


Ya dumelang ho Mora o na le bophelo bo sa feleng, empa ya sa mameleng Mora a ke ke a bona bophelo, mme kgalefo ya Modimo e tla ba hodima hae kamehla.”


“Seroto sa hao se tla rohakeha, le sejana sa hao sa ho dubela hlama!


Hlokomelang, le se ke la hana ho mamela ya buang. Baiseraele ba ileng ba hana ho mamela, ha a ba lemosa a le lefatsheng, ha ba a ka ba phonyoha. Jwale ebe rona re ka phonyoha jwang, haeba re furalla ya re lemosang a le lehodimong?


Empa haeba le sa dumele ho kgalemelwa jwaloka bana bohle, ha le bana ba hae, le bana ba matsheho.


Le phetse menateng le menyakeng mona lefatsheng, la inontshetsa letsatsi leo ka lona le tla hlajwa jwaloka dinku.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ