18 Banna bana ba emetse lefu la bona, ba itjhehetse leraba ka bobona.
18 athe bona ba lalla madi a bona, ba tjheha ho phela ha bona.
Yaba ba fanyeha Hamane hona sefateng sona seo Hamane a neng a se etseditse Moredekai. Jwale kgalefo ya kgosi ya kokobela.
Rolela morwalo wa hao ho Morena, mme o tla o jarisa; a ke ke a tlohella ya lokileng hore a sisinngwe le ka mohla.
Ditjhaba di wetse lemeneng leo di le tjhekileng, maoto a tsona a tshwasitswe ke leraba leo di le tjhehileng.
Ha ba re: “Tloo le rona, re yo lalla motho re mmolaye, re tsholle madi a ba se nang molato;
Ke bothoto ho tjheha leraba moo nonyana e ntseng e le bona.
Motho ya lokileng o tla rua bophelo, ya pheeletseng bobe yena o tla timela.
Ho loka ha ba se nang molato ho lokisa tsela tsa bona, ba kgopo ba timetswa ke bokgopo ba bona.
Ya molato wa ho tsholla madi a motho, e tla ba mophaphathehi ho isa lefung, ho se be ya lekang ho mo thiba.
Empa ka baka la bothata ba pelo ya hao e sa bakeng, o ikekeletsa kgalefo mohla letsatsi leo ka lona Modimo a tla bonahatsa kgalefo ya hae le kahlolo ya hae e lokileng.