Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 1:1 - BIBELE

1 Ana ke maele a Solomone, mora wa Davida, kgosi ya Iseraele,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Dipuo tsa Salomone, mora Davida, morena wa Iseraele,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 1:1
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Solomone a dula teroneng ya ntatae Davida, mme mmuso wa hae wa tsitsa.


Morena a nea Solomone bohlale, jwalokaha a ne a mo tshepisitse. Ha eba le kgotso pakeng tsa Hirame le Solomone, ba ba ba etsa selekane.


Bona, o tla tswala mora, eo e tla ba motho wa kgotso. O tla phela ka kgotso le dira tsa hae tsohle, tse mo potapotileng. Lebitso la hae e tla ba Solomone, mme mehleng ya puso ya hae Baiseraele ba tla phela ka kgotso le ka kgutso.


Morena o mphile bara ba bangata, mme hara bara bohle o kgethile Solomone, mora wa ka, ho dula teroneng ya mmuso wa Morena, a buse Iseraele.


Solomone a dula teroneng ya Morena, ya eba kgosi sebakeng sa ntatae Davida, mme a atleha. Baiseraele bohle ba mo hlompha.


A shwa a se a tsofetse haholo, a phetse dilemo tse ngata, a bile le maruo, mme a hlompheha. Solomone, mora wa hae, a mo hlahlama.


Ana ke maele a Solomone: Ngwana ya bohlale o thabisa ntatae, ngwana ya sethoto ke masisapelo ho mmae.


tse o rutang botshepehi le ho bua nnete, ya o rommeng o tlo mmolelle nnete.


Ana le wona ke maele a Solomone, ao banna ba Hesekiea, kgosi ya Juda, ba ileng ba a bokella, ba a ngola:


Tsena ke dipolelo tsa Moruti, mora wa Davida, eo e neng e le kgosi motseng wa Jerusalema:


Moruti o ne a sa hlalefa feela, empa o ne a bile a ruta batho tseo a di tsebang. O ile a nahana, a fuputsa, mme a hlophisa maele a mangata.


“Ke buile ditaba tsena ho lona ka dipapiso; nako e a tla eo ka yona ke sa tlo hlola ke bua ho lona ka dipapiso, empa ke tla le tsebisa Ntate ka mokgwa o totobetseng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ