2 Morena o moholo, Sione, o okametse ditjhaba tsohle.
2 Jehova o moholo Sione, o phahametse ditjhaba kaofela.
Morena o phahametse tjhaba tsohle, tlotla ya hae e okametse mahodimo.
Morena ya hodimodimo o a tshabeha; ke yena kgosi e kgolo, kgosi ya lefatshe lohle.
Modimo ke kgosi ya lefatshe lohle, mo rokeng ka bokgeleke.
Modimo o kganya a le Sione, motseng o motlemotle.
Ka matla a hae o busa kamehla, mahlo a hae a disa ditjhaba, esere bahanyetsi ba boela ba tsoha.
Wena Morena ya hodimodimo, ya phahametseng lefatshe lohle, o feta medimo yohle hole.
Howeletsang haholo, le didietse ka thabo, le bine lona baahi ba Sione. Ya Halalelang wa Iseraele o moholo hara lona.”
Ho tla thweng ha ho arajwa maqosa a naha eo? “Morena o tsitsisitse Sione, bahlophehi ba tjhaba sa hae ba tla tshabela teng.”
“Ho ho phoso eo a e boneng ho Jakobo, ha ho bokgopo boo a bo boneng ho Iseraele. Morena Modimo wa hae, o na le yena, ba a mo thoholetsa, ba re ke kgosi ya bona.