Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 98:5 - BIBELE

5 Rokang Morena ka harepa, ka harepa le ka pina e monate,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Rorisang Jehova ka harepa, ka harepa le ka mantswe a dipina!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 98:5
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida a buisana le bao e leng dihlooho tsa Balevi, hore ba kgethe bana babo bona ba tla bina ka diletsa, e leng dikatara, le diharepa, le matlheretlhere, ba bine haholo, ba thabile.


Yaba Baiseraele bohle ba tlisa areka ya Morena ka ditlatse, le ka medumo ya manaka, le ka diterompeta, le ka matlheretlhere; ba letsa le dikatara, le diharepa.


Ho latela taelo ya Davida, le ya Gade, senohe sa kgosi, le ya moporofeta Nathane, kgosi Hesekiya a bea Balevi ditulong tsa bona, ka Tempeleng ya Morena, ba nkile matlheretlhere, le dikatara, le diharepa, hobane hona e ne e le taelo ya Morena, eo a e entseng ka baporofeta ba hae.


Binelang Morena sefela sa teboho, le roke Modimo wa rona ka harepa.


Bokang Morena ka harepa, mo rokeng ka seletsa se kgwele di leshome.


Jwale nna ke tla o boka ka seletsa, ka baka la botshepehi ba hao, wena Modimo wa ka; ke o roke ka harepa, wena Ya Halalelang wa Iseraele.


“E, Morena o tla utlwela Sione bohloko, a utlwele bohloko masupi wohle a yona, mafeella ao a a fetole a be jwaloka Edene, mahwatata a yona a be jwaloka rapa sa Morena. Thabo le nyakallo di tla fumanwa ho yona, ho utlwahale mantswe a pina tsa diteboho.


Eitse ha e nka buka, dibopuwa tse nne tse phelang, le baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, ba itihela fatshe kapele ho Konyana. E mong le e mong o ne a tshwere harepa le lefiswana la kgauta le tletseng mokubetso, oo e leng dithapelo tsa bahalaledi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ