6 Mahodimo a bolela ho loka ha hae, ditjhaba tsohle di bona tlotla ya hae.
6 Mahodimo a bolela ho loka ha hae, ditjhaba tsohle di boha bokgabane ba hae.
“Morena o a phela! Ho bokwe Lefika la ka! Modimo, Mopholosi wa ka, a ke a thoholetswe!
Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.
Mahodimo a bolela ho loka ha hae, kaha Modimo ke yena moahlodi.
Ditjhaba di ke di o boke, wena Modimo, ditjhaba tsohle di o boke.
Ke tla bina tsa mohau wa Morena, ke di bine kamehla, ka molomo wa ka ke tla tsebisa meloko yohle botshepehi ba hao;
‘Ke tla etsa hore leloko la hao le hlole kamehla yohle, ke tiise terone ya hao melokong yohle.’ ”
O hopotse mohau wa hae le botshepehi ba hae ho ba ntlo ya Iseraele. Dipheletso tsohle tsa lefatshe di bone ho pholosa ha Modimo wa rona.
Lona mahodimo mamelang! Wena lefatshe thea tsebe! Morena o buile, a re: “Ke otlile bana, ke ba hodisitse, empa jwale ba mphetohetse.
Tlotla ya Morena e tla bonahatswa, batho bohle ba tla e boha ba le mmoho, hoba Morena o boletse jwalo.”
e le hore ho tloha botjhabela ho ya bophirimela tjhaba di tsebe hore ha ho e mong kantle ho nna. Ke nna Morena, ha ho na e mong.
Di ne di howeletsana, di re: “O a halalela! O a halalela! O a halalela Morena wa mabotho, fatshe lohle le tletse tlotla ya hae!”
“Ke tseba diketso tsa bona le mehopolo ya bona; nako e tla fihla, ke kgobokanye ditjhaba, le ba dipuo tsohle, bohle ba tla tla ba bohe tlotla ya ka.
Empa tsebo e tla tlala, e tlale lefatshe kahohle, tsebo ya ho tseba tlotla ya Morena, e tlale lefatshe sa metsi a tletse lewatle.
Empa ke hlapanya ka bophelo ba ka, le ka tlotla ya Morena e tletseng lefatsheng lohle:
“Ha ho le jwalo, lona rapelang tjena: “ ‘Ntata rona ya mahodimong, lebitso la hao le halaletswe;
hobane dikahlolo tsa hae ke tsa nnete, di lokile. O ahlotse seotswa se seholo, se sentseng lefatshe ka bootswa ba sona, mme a lefeletsa madi a bahlanka ba hae ka sona.”