Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 97:2 - BIBELE

2 Maru a matshomatsho a mo teetse hare, ho loka le toka ke motheo, ke motheo wa terone ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Maru le botsho di mo teetse hare; ho loka le kahlolo ke motheo wa terone ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 97:2
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kgopolo e jwalo, ya ho bolaya ba lokileng le ba kgopo, e ke e be hole le maikutlo a hao! Ho be siyo maikutlong a hao ho tshwantsha ba lokileng le ba kgopo! Na Moahlodi wa lefatshe lohle a ke ke a ahlola ka toka?”


seo a se rerileng o se phetha ka nna, merero e kang ona e mengata ho yena,


Kgwedi ha e tolokile o a e fifatsa, ka maru a hae a e etsetse lesira.


Letolo la hao la thwathwaretsa, la thwathwaretsa hara setsokotsane, mahadima a hao a bonesa lefatshe, lefatshe la reketla, la sisinyeha.


O sefea, letsoho la hao le matla; letsoho la hao le letona le phahame.


Ho loka le toka ke motheo wa terone ya hao, mohau le botshepehi di o eteletse pele.


O kgosi e matla, e ratang toka; ke wena ya theileng ho loka, wa tlisetsa leloko la Jakobo toka le ho loka.


Jwale Morena a re ho Moshe: “Bona, ke tla ho wena ke le kahara leru le letsho, e le hore batho ba tle ba nkutlwe ha ke bua le wena, mme ba tle ba o kgolwe kamehla.” Moshe a bolella Morena mantswe ao setjhaba se a buileng.


Setjhaba sa emella hole, mme Moshe a atamela lerung le letsho, moo Modimo a neng a le teng.


Kgosi di nyatsa ketso tse manyala ho loka hona ho tsitsisa mmuso.


Morena o dieha ho halefa, o matla haholo, a ke ke a lesa ho otla ba molato. O tsosa setsokotsane le sefefo ha a tsamaya, maru a ke lerole maotong a hae.


Borui, le bohlale, le tsebo ya Modimo di kaakang! Dikahlolo tsa hae di ka hlaloswa jwang! Ditsela tsa hae di ka utlwisiswa jwang!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ