Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 96:9 - BIBELE

9 Kgumamelang Morena le kgabile ka tse halalelang, lefatshe lohle le thothomele, le thothomele kapele ho yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Kgumamang pela Jehova ka bokgabane bo halalelang. Le thothomele pela hae, lona baahi bohle ba lefatshe!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 96:9
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Setjhaba sohle sa kgumama, sa rapela, dibini tsa bina, le diterompeta tsa letswa; hona ha tswela pele ho fihlela nyehelo ya setjheso e phethwa.


Ha ba qetile ho etsa nyehelo, kgosi le bohle ba neng ba ena le yona, ba kgumama, mme ba rapela.


Ho feta mona, kgosi Hesekiya le mahosana ba laela Balevi hore ba rorise Morena ka dithoko tsa Davida, le tsa Asafo wa moporofeta. Ba binela Morena dithoko ba thabile; ba kgumama, mme ba rapela.


Yaba Esera o re: “Ho bokwe Morena Modimo wa bo-ntata rona, ya rutileng kgosi hore e lakatse ho kgabisa Tempele ya Morena e Jerusalema,


Setjhaba sa hao se tla ithaopa, mohla o futuhelang dira tsa hao. Jwaloka phoka e lalang kameso, bahlankana ba tla tla ho wena maralleng a halalelang.


Wena lefatshe, thothomela, thothomela pela fahleho sa Morena, pela sefahleho sa Modimo wa Jakobo;


Thoholetsang tlotla e lokelang lebitso la Morena; kgumamelang Morena le kgabile, le kgabile ka tse halalelang.


Lefatshe lohle le ke le tshabe Morena, baahi bohle ba lona ba mo hlomphe.


Kgalefo ya batho e tla o fetohela thoriso, ba phonyohileng kgalefo ya hao ba tla o etsetsa mekete.


Yare ha o kgalemela, wena Modimo wa Jakobo, dikariki le dipere tsa ntwa tsa fetoha, tsa fetoha diemahale.


Morena ke kgosi, ditjhaba di a thothomela; o dutse hodima dikerubime, lefatshe le a reketla.


Ba ne ba ikgantsha ka mekgabiso ya bona e metle, eo ka yona ba ileng ba iketsetsa medingwana ya bona e nyonyehang. Ka baka lena, ke e fetotse ditshila.


E tla hloma ditente tsa yona tsa bokgosi pakeng tsa lewatle le thaba e tlotlehang, e halalelang, mme kgosi eo e tla timela ho se ya e thusetsang.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ