Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 95:4 - BIBELE

4 Dikgohlo tsohle tsa lefatshe di matsohong a hae, le tsona ditlhoro tsa dithaba ke tsa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 matebo a lefatshe a diatleng tsa hae, le wona maphahamo a dithaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 95:4
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Ha a ka o tshwara, a o isa tjhankaneng, a o qosa ka kgotla, a ka hanyetswa ke mang?


Hanghang o suthisa dithaba, ha a halefile a di phethole.


Morena o etsa tsohle tseo a di ratang, mahodimong le lefatsheng, mawatleng le madibeng wohle.


Kgosi e thabela matla a hao Morena, e nyakallela thuso ya hao hakaakang!


O re arabela ka diketso tse hlollang, diketso tse hlollang tsa toka, wena Modimo, mopholosi wa rona; wena o leng tshepo ya bohle ho isa dipheletsong tsa lefatshe, le dihlekehlekeng tse hole.


Le hoja o nkutlwisitse matshwenyeho, matshwenyeho a mangata, a bohloko, o tla boela o mmatlafatse, o boele o nnyolle botebong ba lefatshe;


Dithaba di qhibidiha jwaloka tshotso, jwaloka tshotso kapele ho Morena, e, kapele ho Morena wa lefatshe lohle.


Dithaba di tla qhibidiha tlasa maoto a hae, fatshe le peperane, ho hlahe dikgohlo; dithaba di qhibidihe sa tshotso e utlwa mollo, di phorosele sa metsi a theoha mothipoloheng.


Ha a hlaha dithaba di a sisinyeha, maralla le wona a qhibidihe; lefatshe le a reketla ha Morena a hlaha, lefatshe le bohle ba ahileng ho lona.


Dithaba tsa o bona, yaba di a reketla, diphororo tsa metsi tsa phorosela, bodiba ba metsi le bona ba hwasa, yaba maqhubu bo a akgoletsa hodimo.


Ha a ema, lefatshe la sisinyeha, ha a tadima, merabe ya thothomela; dithaba tsa boholoholo tsa heleha, maralla a kgalekgale a batalla. Ditsela tsa hae ke tsa kamehla yohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ