Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 95:10 - BIBELE

10 Ka halefela moloko oo ka dilemo tse mashome a mane, ka ba ka re: “Ke setjhaba se pelo di kgelohileng, ha se tsebe ditsela tsa ka.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ka tenwa ke moloko oo ka dilemo tse mashome a mane, ka re: Ke setjhaba seo pelo ya sona e kgelohileng; ha ba tsebe ditsela tsa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 95:10
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena a swaba ha a ile a etsa motho lefatsheng, pelo ya hae ya utlwa bohloko.


Feela ba re ho Modimo: ‘Re hlokomolohe! Ha re lakatse ho tseba ditsela tsa hao!


Ho tshaba Modimo ke qaleho ya tsebo, empa dithoto di nyedisa bohlale, di nyedisa le tayo.


O re tloheletseng, Morena, ho kgeloha tsela tsa hao? O thatafaleditseng pelo tsa rona, hore re se ke ra o tshaba? Kgutla ka baka la rona bahlanka ba hao, rona merabe eo e leng lefa la hao.


Morena o bua tjena ka setjhaba sa hae: “Se rata ho lelera haholo, se sitwa ho thibela maoto a sona. Kahoo Morena ha a se amohele, jwale o tla hopola bokgopo ba sona, a se otle ka baka la dibe tsa sona.”


O phela hara batho ba buang leshano, shano la bona le etsa hore ba se ntsebe,” ho rialo Morena.


“Jwale kgalefo ya Morena ya tlokomela Iseraele, mme a ba lelerisa lehwatateng ka dilemo tse mashome a mane, ho fihlela ho fediswa moloko wohle o neng o etse bokgopo moo Morena a ntseng a bona.


Ka dilemo tse ka bang mashome a mane a mamella mekgwa ya bona ha ba le lehwatateng.


Ke yena ya ba ntshitseng Egepeta, a etsa dimakatso le mehlolo naheng eo, le Lewatleng le Lefubedu, le lehwatateng, ka dilemo tse mashome a mane.


Kaha ba ne ba sa bone ho hlokeha hore ba amohele Modimo eo ba mo tsebileng, Modimo o ba tloheletse ba ntse ba tsherehane dikelello, e le hore ba etse tse sa tshwanelehang.


Le se ke la swabisa Moya o Halalelang wa Modimo, oo ka wona le tshwaetsweng letsatsi la topollo.


Ka letsatsi la pele la kgwedi ya leshome le motso o mong, selemong sa mashome a mane, Moshe a bua ho bana ba Iseraele, ho ya kamoo Morena a neng a mo laetse kateng mabapa le bona.


Ke bafe bao a ileng a ba halefela ka dilemo tse mashome a mane? Na hase ba ileng ba etsa sebe, bao ditopo tsa bona di ileng tsa sala lehwatateng?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ