3 Ba kgopo ba tla thaba ho fihlela neng? E tla ba ho fihlela neng, Morena?
3 Jehova, ho tla nyakallwa ke bakgopo ho le hokae, Jehova, ho tla thajwa ke bona ho isa kae?
Yaba ba fanyeha Hamane hona sefateng sona seo Hamane a neng a se etseditse Moredekai. Jwale kgalefo ya kgosi ya kokobela.
Esetere a re: “Mohlorisi eo, le sera seo se re hloileng, ke Hamane enwa ya kgopo!” Hamane a tshoha hoo kgosi le mofumahadi ba ileng ba lemoha.
Modidietsane wa ba kgopo o sekgwahla, mokoka ha o yo, thabo ya baetsadibe ke ya motsotswana feela?
Modimo, ke wena eo ke tshabelang ho wena; jwale o ntahletseng? Keng ha ke tsamaya ke hlomohile, ke hlomohile ka baka la kgatello ya sera?
Ba a tlaka, mme ba bua tse mpe, ba sokela batho ka boikgantsho.
Morena, o tla re halefela ho fihlela neng? Lefufa la hao le tla nne le tuke, le tuke jwaloka mollo ho fihlela neng?
Oho, Modimo, ako boele o re tsose, o re bontshe sefahleho se kganyang kgotso, re tle re pholohe.
O kgutsufaditse matsatsi, matsatsi a botjha ba hae, wa etsa hore a aparelwe ke dihlong.
Wena sabole ya Morena, o tla phomola neng? Boela selateng sa hao, o phomole, o ikgutsetse.
Oho, Morena, ke tla kopa thuso ho fihlela neng, empa wena o sa mmamele? Ke ipiletse ho wena, ke re: “Dikgoka!” empa wena o sa mpholose?
Ba howeletsa ka mantswe a phahameng, ba re: “Monghadi ya halalelang, wa nnete, ho sa setse nako e kae pele o re ahlolela, mme o lefeletsa madi a rona ho baahi ba lefatshe?”