Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 94:10 - BIBELE

10 Na yena ya kgalemelang ditjhaba a ke ke a di otla, yena ya rutang batho bohlale?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ya bopileng leihlo, na a ke ke a bona na? Ya layang ditjhaba, na a ke ke a kgalemela, haele moo e le ya rutang batho bohlale na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 94:10
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Yaba o re ho motho: ‘Ho tshaba Morena ke bona bohlale; ho furalla bokgopo ke yona kutlwisiso.’ ”


“Haeba a ikgutsetsa a ka nyatswa ke mang? Ha ipata sefahleho, teng a ka bonwa ke mang? O okametse batho le ditjhaba ka ho tshwana.


ya re rutang ho fetisa phoofolo tsa naha, ya re hlalefisang ho fetisa nonyana tse fofang?’


Morena ke kgosi kamehla le mehla, baditjhaba ba fedile naheng ya hae.


Nthute bohlale le tsebo, hobane ke tshepa melao ya hao.


ba tle ba iphetetse ho baditjhaba, ba dihele kotlo hodima merabe;


Modimo, re utlwile ka tsebe tsa rona, bo-ntata rona ba re phetetse tsohle tseo o di entseng mehleng ya bona, wa di etsa ka tsoho la hao, wa di etsa mehleng eo ya kgale.


hobane o emetse nyewe ya ka le ditokelo tsa ka, o dutse teroneng ya hao o le moahlodi ya lokileng.


Ke Morena ya fanang ka bohlale, tsebo le kutlwisiso di tswa ho yena.


Etlare ha Morena a qetile mosebetsi wohle wa hae Thabeng ya Sione le Jerusalema, a otle kgosi ya Asiria ka baka la boikgohomoso ba pelo ya yona, le ka baka la ho inkela hodimo ha yona,


Matjhabatjhaba a tla fihla, a re: “Tloong, re nyoloheleng Thabeng ya Morena, re nyoloheleng Tempeleng ya Modimo, Tempeleng ya Modimo wa Jakobo. O tla re ruta ditaba tsa hae, re tle re tsamaye tseleng tsa hae;” kaha molao o tla tswa Thabeng ya Sione, ntswe la Morena le tswe Jerusalema.


Tsena o di rutilwe ke Modimo wa hae, a mo kwetlisetsa tsona hantle.


Lengeloi la Morena la tswa, la ya diahelong tsa Baasiria, la bolaya Baasiria ba dikete tse lekgolo le mashome a robedi a metso e mehlano. Ha bosiu bo wela fatshe, kaofela ha bona ya be e se e le ditopo.


“Bara ba hao bohle ba tla rutwa ke Morena, ditloholo tsa hao di be le kgotso ya sebele.


Halefela tjhaba tsena tse sa o tsebeng, o halefele batho ba sa ipiletseng ho wena. Tjhaba tsena di metsitse Jakobo, tsa mo metsa bokwiditane, tsa mo timetsa, metse ya hae tsa e fetola nanaola.


“Ke tla bonahatsa tlotla ya ka hara baditjhaba, mme baditjhaba bohle ba tla bona dikahlolo tsa ka, ba bone le letsoho leo ke ba otlileng ka lona.


“Hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe, ke lona feela ke ileng ka le kgetha; ka baka leo, ke tla le otla, ke le otlele makgopo a lona, makgopo a lona kaofela.”


Oho, Morena, o bile teng pele le ho tlholeho! O Modimo wa ka, o Ya Halalelang wa ka! O Modimo wa ka, Modimo ya sa shweng. Oho, Morena, o ba kgethetse ho phetha kahlolo. Oho, Lefika la ka, o ba reretse ho re kgalema.


Wa hata hodima lefatshe o halefile, wa hatakela ditjhaba o hlokofetse.


Ho ngotswe ho Baporofeta, ho thwe: ‘Bohle ba tla rutwa ke Modimo.’ E mong le e mong ya utlwileng le ho ithuta ho Ntate o tla ho nna.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ