Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 92:3 - BIBELE

3 ho bolela mohau wa hao e sa le hoseng, le botshepehi ba hao ka masiu wohle,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 ka thomo e kgole tse leshome le ka pesalterine, ka harepa e modumo o monate.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 92:3
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida le bohle ba ntlo ya Iseraele ba etsa motjeko ka sefutho se seholo, ba le kapele ho Modimo. Ba letsa diharepa, le dikatara, le meropa, le matlheretlhere, le diterompeta.


Davida a buisana le bao e leng dihlooho tsa Balevi, hore ba kgethe bana babo bona ba tla bina ka diletsa, e leng dikatara, le diharepa, le matlheretlhere, ba bine haholo, ba thabile.


Hape mosebetsi wa bona e ne e le ho tsoha hoseng ba leboha Morena, mme ba mo rorisa, ba etsa jwalo le mantsiboya;


Batho bana bohle ba ne ba okametswe ke ntata bona, ba bina ka Tempeleng ya Morena; ba letsa matlheretlhere, le dikatara, le diharepa, nakong ya ditshebeletso ka Tempeleng ya Modimo, ho latela taelo ya kgosi ho bo-Asafo, le Jedutune, le Hemane.


Ba kena motseng wa Jerusalema, ka Tempeleng ya Morena, ba ntse ba letsa dikatara, le diharepa, le diterompeta.


Sehlopha sa bobedi se tla lebela ntlo ya kgosi, sa boraro sona se lebele kgoro e bitswang Kgoro ya Motheo. Setjhaba sohle se tla ba ka lebaleng la Tempele ya Morena.


Ho latela taelo ya Davida, le ya Gade, senohe sa kgosi, le ya moporofeta Nathane, kgosi Hesekiya a bea Balevi ditulong tsa bona, ka Tempeleng ya Morena, ba nkile matlheretlhere, le dikatara, le diharepa, hobane hona e ne e le taelo ya Morena, eo a e entseng ka baporofeta ba hae.


Ha ho kgakolwa lerako la Jerusalema, Balevi ba ile ba latwa dibakeng tsohle tseo ba neng ba phela ho tsona, ba tliswa Jerusalema, ho tla keteka mokete ona ka thabo, le ka teboho, le ka ho bina ka matlheretlhere, le ka dikatara, le ka diharepa.


Ba ke ba rorise lebitso la hae, ba le rorise ka mehobelo, ba mo roke ka moropa le ka harepa.


Bokang Morena ka harepa, mo rokeng ka seletsa se kgwele di leshome.


Motsheare Morena o tla ntshitsa, a ntshitse ka mohau wa hae; bosiu ke tla mminela, ke rapele Modimo ya mphedisang.


Pelo ya ka e matlafetse, Modimo, pelo ya ka e matlafetse; ke tla bina, ke o roke.


Bohle ba bona mekoloko ya hao, Modimo, mekoloko ya Modimo wa ka, kgosi ya ka, mekoloko e kenang Sehalalelong.


Ditjhaba di wetse lemeneng leo di le tjhekileng, maoto a tsona a tshwasitswe ke leraba leo di le tjhehileng.


“Kamora moo o tla fihla Leralleng la Modimo, moo ho nang le lebotho la Bafilesita. Etlare ha o se o fihlile motseng o kopane le sehlopha sa baporofeta ba theohang aletareng e leralleng, ba eteletswe pele ke dikatara, le meropa, le makodilo, le diharepa, mme ba tla be ba ntse ba porofeta.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ