Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 92:12 - BIBELE

12 Ba ntaletseng ke ba tadima ka tello, ke utlwa diboko tsa ba kgopo ba ntsohelang matla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ba lokileng ba mela jwaloka sefate sa palema, ba hola jwaloka kedare ya Lebanone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 92:12
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A bua ka difate, ho tloha ka sefate sa kedare ya Lebanone, ho ya ho sa hisopa e melang marakong; a bua le ka diphoofolo, le ka dinonyana, le ka dihahabi, le ka ditlhapi.


Maboteng wohle a Tempele le a Sehalalelo, ho a potapota, a betla ditshwantsho tsa dikerubime, le tsa difate tsa dipalema, le tsa dithunthung.


Bajuda ba bolaya dira tsohle tsa bona ka sabole, ba di rinya, ba di timetsa, mme ba iketsetsa borata ka ba neng ba hloile Bajuda.


Eo o jwaloka sefate se hlomilweng pela metsi a nwesetsang, se behang ditholwana ka nako ya tsona, seo mahlaku a sona a sa poneng. Yena o atleha ho tsohle tseo a di etsang.


Difate tsa Morena di nwesetswa ke pula, dikedare tsa Lebanone tse lemilweng ke yena.


lona dithaba le maralla wohle, difate tsa ditholwana le tsa dikedare tsohle;


Tshepa Morena, o tiye tseleng ya hae; o tla o phahamisa, lefatshe e tle e be lefa la hao, mme o bone ba kgopo ha ba fediswa.


Ba lokileng ba tla bona tsena, mme ba tshabe; ba tla mo tsheha, ba re:


Ditshiung tsa hae ho loka ho ke ho ate, le kgotso e be ngata, ho fihlela kgwedi e fifalla ruri.


Motho wa lewatla a ke ke a e tseba, sethoto se ke ke sa e utlwisisa.


Moo ho metseng leoka ho tla mela modutu, moo ho metseng hlabahlabane ebe ho mela mohlakola. Tsena ke tsona tse tla tumisa Morena, e be pontsho ya kamehla yohle, e ke keng ya fediswa.”


Ha ba sa tla haha matlo, ebe ho wona ho phela basele; ha ba sa tla hlola ba lema, ebe jwale ho ja basele; tjhaba sa ka se tla phela halelele, se phele halelele jwalokaha sefate se phela, bakgethwa ba ka ba je ditholwana, ba je tholwana tsa matsoho a bona.


O tla tshwana le sefate se lemilweng pela metsi, seo metso ya sona e namelang pela molatswana. Ha se ke se tshoswa ke ho fihla ha lebatama, mahlaku a sona a matalana kamehla, ka nako ya komello ha se ke se tshwenyeha, kamehla se beha ditholwana tsa sona.”


Ke ne ke timetse Baamore ba le thibetse tsela, leha ba ne ba le balelele, ba le balelele sa dikedare, ba le matla sa difate tsa dieike. Tholwana tsa bona ka di fedisa, le metso ya bona ka e fothola.


Ke moo dira tsa ka di tla bona, di bone, di aparelwe ke dihlong, tsona dira tse neng di bua ho nna, di re: “O kae Morena Modimo wa hao?” Ke tla bona ha di hatakelwa ka maoto, di hatakelwa sa qhafutso diterateng.


“Di nametse hole jwaloka dikgohlo, jwaloka masimo mabopong a dinoka, jwaloka makgala a hlomilweng ke Morena, jwaloka fate tsa dikedare pela metsi!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ