8 O tla bona ka mahlo a hao ha ba kgopo ba putswa.
8 Feela, o tla iponela ka mahlo a hao, o be o bone moputso wa ba bolotsana.
Tshepa Morena, o tiye tseleng ya hae; o tla o phahamisa, lefatshe e tle e be lefa la hao, mme o bone ba kgopo ha ba fediswa.
Empa nna o mmatlafaditse, wa mmatlafatsa jwaloka nare, wa ntlotsa ka ole e hlwekileng.
Yaba Moshe o re ho setjhaba: “Se tshabeng; emang le tiile, le tle le bone pholoho eo Morena a tla le etsetsa yona kajeno, hobane jwalokaha le bona Baegepeta kajeno, ha le sa tla hlola le ba bona le ka mohla, ho isa kgale.
Ka lona letsatsi leo Morena a namolela Baiseraele matsohong a Baegepeta. Baiseraele ba bona ditopo tsa Baegepeta di karaletse lebopong la lewatle.
Ho madimabe ba kgopo, hobane koduwa e tla ba wela hodimo, ba putswe ho ya ka mesebetsi ya bona.
Tsena le tla di bona ka mahlo a lona, ebe le re: “Morena o moholo; boholo ba hae bo tsejwa le ka nqane ho meedi ya naha ya Iseraele!”
Lentswe le boletsweng ke mangeloi le tiile, mme ho le tlola le ho se le mamele ho nnile ha fumana moputso o lokelang.