Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 91:4 - BIBELE

4 O tla o kwahela ka masiba a hae, o tshabele tlasa mapheo a hae. Botshepehi ba hae ke thebe le thejana:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 O o kgurumetsa ka masiba a hae, o bona tshireletso katlasa mapheo a hae; nnete ya hae ke thebe le thejana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 91:4
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hoba tsena di fete, lentswe la Morena la bua ho Aborame ponong, la re: “Se tshabe, Aborame! Ke thebe ya hao; moputso wa hao o tla ba moholo haholo.”


Ke kgumama ke shebile Tempeleng, Tempeleng ya hao e halalelang, ke boka lebitso la hao ka baka la mohau wa hao le botshepehi ba hao; o tumisitse lebitso la hao le tshepiso ya hao ho feta tsohle.


O mpaballe jwaloka thaka ya leihlo la hao; o mpate moriting wa mapheo a hao,


Tshwara thebe le thejana, o eme, o nthusetse.


Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “O se ke wa senya”. Ke ya mohla Davida a neng a etswa lehaheng, a baleha Saule.


hobane o setshabelo sa ka, qhobosheane e matla mahlong a dira tsa ka.


“Jerusalema! Jerusalema! Wena ya bolayang baporofeta, ya tlepetsang ka majwe ba rometsweng ho wena, ke hakae ke lakaditseng ho phutha bana ba hao, jwalokaha kgoho e alama ditsuonyana tsa yona, empa wa hana!


Lehodimo le lefatshe di tla fela, empa mantswe a ka ha a ka ke a fela.”


Jwaloka ntsu e phaphamisa madinyane a yona, e a okaokela, e thathalatsa mapheo, e hloibile madinyane a yona, e a jara ka mapheo a yona,


e re neang tshepo ya bophelo bo sa feleng. Modimo ya sa thetseng o re tshepisitse bophelo bona, mehla e eso be teng.


Morena a ke a o putse ka baka la tseo o di entseng. Morena Modimo wa Iseraele, eo o tshabetseng katlasa mapheo a hae, a ke a o nee moputso o phethahetseng.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ