Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 91:3 - BIBELE

3 Ke yena ya tla o tshwasolla lerabeng la setsomi, le lefung le timetsang la sewa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ke yena ya o tshwasollang lerabeng la setsomi, lefung le akaretsang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 91:3
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale Morena a romela sewa naheng ya Iseraele, sa qala ha bosiu bo esa, mme sa kgaotsa ka letsatsi le beilweng. Ho tloha Dane, ho ya fihla Beeresheba, sewa seo sa bolaya Baiseraele ba dikete tse mashome a supileng.


“Haeba naha e ena le sekoboto, ho ena le lefu la sewa, lebabo, boroku, ditsie, kapa bookgolane; eba dira tsa setjhaba sena di etsetsa metse ya sona thibella; leha ho ka ba le sewa sefe le sefe, kapa malwetse afe le afe;


Re phonyohile jwaloka nonyana lerabeng la batshwasi; leraba la kgaoha, mme ra phonyoha.


Nqobise sefi seo ba ntjhehileng ka sona, le mamena a ba etsang tse sa lokang.


Modimo wa rona ke Modimo ya pholosang; Morena ke Morena wa rona, Morena ya re phemisang lefu.


leha e le lefu la sewa le kgukgunang lefifing, leha e le koduwa e timetsang hara mpa ya motsheare.


Ipholose sa tshepe matsohong a setsomi, ipholose sa nonyana rabeng la motshwasi wa yona.


sa nonyana e tshwaswa ke raba le tjhehilwe, e sa tsebe hore jwale e ya lefung, ho fihlela ha motsu o e phunya sebete.


Hape ha ho motho ya tsebang hore na nako ya hae e tla tla neng: Jwalokaha tlhapi di tshwaswa ke tlowa le sehloho, kapa dinonyana di tshwaswa ke leraba, batho le bona ba tshwaswa ke nako tse mahlonoko, di ba tsometse ba sa lebella letho.


Moporofeta ke molebedi wa Efraime, Efraime, tjhaba sa Modimo wa ka; empa o tjhehetswe maraba, a a tjhehelwa tseleng tsohle, ka Tempeleng ya Modimo wa hae bora bo mo emetse.


Na nonyana e ka tshwaswa ke leraba, la e tshwasa le sa tjhehwa ke motho? Na sefi se ka raha mokgwephetsane, ho se letho le thetsitseng mokgwephetsane?


Ha e le ba ikemiseditseng ho rua, ba wela lerabeng la moleko, le ditakatsong tse ngata tsa bothoto, tse kotsi, tse tetebeletsang batho tshenyehong le timelong.


ba hlaphohelwe, mme ba phonyohe lerabeng la Diabolosi ya ba tshwasitseng hore ba etse thato ya hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ