7 Re fediswa ke kgalefo ya hao, re thothometswa ke bohale ba hao.
7 Hobane re fediswa ke bohale ba hao, re tshoswa ke kgalefo ya hao.
Mphemise dikotlo tsa hao, letsoho la hao le nqetile.
Sebe sa bona ke mantswe a bona, mantswe a tswang melomong ya bona; ba tshwaswe ke boikgohomoso ba bona, ka baka la dithohako le wona mashano ao ba a buang.
Yaba o fedisa matsatsi a bona o a fetola lefeela, lemo tsa bona ya eba tsa matshabeho.
Ke mang ya ka tsebang matla a bohale ba hao, le ho tshabeha ha kgalefo ya hao?
Ditshiu tsa rona tsohle di a kgutsufala, di kgutsufatswa ke bohale ba hao, dilemo tsa rona di feta jwaloka mofehelo.
E sa le ka madungwadungwana, Morena a le kahara leru le lopaletseng, le kahara kganare ya mollo, a tadima mabotho a Baegepeta, mme a a ferekanya.
Wa hata hodima lefatshe o halefile, wa hatakela ditjhaba o hlokofetse.
Ke bafe bao a ileng a ba halefela ka dilemo tse mashome a mane? Na hase ba ileng ba etsa sebe, bao ditopo tsa bona di ileng tsa sala lehwatateng?