3 O kgutlisetsa motho leroleng, o re: “Kgutlang, bana ba batho.”
3 O kgutlisetsa batho leroleng, mme o re: Kgutlelang, lona, bana ba batho!
O tla ja bohobe ka mofufutso wa phatla ya hao, ho fihlela o boela mobung, hobane o ntshitswe mobung, o lerole, mme o tla boela leroleng!”
Bophelo ba sebopuwa ka seng bo matsohong a hae le meya ya batho bohle e phela ka yena.
Ha o ipata sefahleho, di a tshoha; ha o di amoha moya wa hao, di a shwa, di boele di kgutlele leroleng.
Hoba a neele moya, motho o kgutlela mobung; ka lona tsatsi leo merero ya hae e a fela.
lerole le eso busetswe leroleng, moya o kgutlela ho Modimo, Mofani wa wona.
Nna, Morena, ke buile. Ruri hona ke tla ho etsa ho setjhaba sena sohle se kgopo, se ikopantseng ho ntwantsha. Se tla timella lehwatateng lena, se shwelle teng.”