Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 90:2 - BIBELE

2 Dithaba di eso be teng, le lefatshe, le tsohletsohle di eso hlahe, haesale o le Modimo ya se nang bofelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Dithaba di eso ho ka di hlaha, o eso ho bope lefatshe le dintho tsohle, e, ho tloha ho bo sa hlaheng ho isa ho bo sa feleng, esale o le Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 90:2
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tshimolohong Modimo o ne a hlole lehodimo le lefatshe.


“Ebe ke wena motswalwapele wa motho? kapa o bopilwe pele ho maralla?


Modimo o moholo ho feta kutlwisiso ya rona, palo ya lemo tsa hae ha re ka ke ra e fihlela.


Empa wena Morena, o rena kamehla yohle, o tla hopolwa ke meloko yohle.


Empa mohau wa Morena, ho ba mo tshabang, ke wa kamehla yohle, e se nang qaleho le qetello; le ho loka ha hae ho fihla le ditlohotloholwaneng tsa bona,


Ke yena ya entseng mahodimo le lefatshe, lewatle le tsohle tse ho lona. O tshepahala kamehla,


O ne a bue, mme tsa eba teng; a laela, mme tsa hlaha.


Terone ya hao haesale e tiya ho tloha kgalekgale, haesale o le teng ho tloha mehleng ya kgalekgale.


Arone a otlollela letsoho la hae hodima metsi a Egepeta, mme ha tswa dihohwana, tsa aparela naha ya Egepeta.


“Morena, Kgosi ya Iseraele le Molopolli, Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Ke nna wa pele le wa ho qetela, kantle ho nna ha ho na Modimo.


“Sokolohelang ho nna, le tle le pholohe, lona dipheletso tsohle tsa lefatshe; ke nna Modimo, ha ho na e mong.


Ya phahameng, ya hodimodimo, yena ya phelang kamehla yohle, eo lebitso la hae le halalelang, o re: “Ke phela bakeng se phahameng, bakeng se halalelang, ya robehileng moya, ke phela le yena, le ya ikokobeditseng ke phela le yena, ke kgothatsa ya ikokobetsang, ke kgothatsa ya robehileng moya.


“Ha ke ntse ke tadimile: Ka bona diterone di bewa madulong, Moholo wa Matsatsi a dula hodima ya hae. Aparo tsa hae di ne di le tshweu sa lehlwa, moriri wa hae o re bja! jwaloka boya, terone ya hae e ne tuka malakabe, mabidi a yona a ka mollo o tukang.


“Ha e le wena Betlelehema Eferata, leha o le monyenyane hara meloko ya Juda, ho wena ho tla tswa mmusi wa Iseraele, eo leloko la hae le qalehileng kgale, la qaleha mehleng ya baholoholo.”


Oho, Morena, o bile teng pele le ho tlholeho! O Modimo wa ka, o Ya Halalelang wa ka! O Modimo wa ka, Modimo ya sa shweng. Oho, Morena, o ba kgethetse ho phetha kahlolo. Oho, Lefika la ka, o ba reretse ho re kgalema.


Le kajeno Jesu Kreste e ntse e le yena wa maobane, mme e tla nne e be yena kamehla yohle.


“Ke nna Alfa le Omega,” ho rialo Morena Modimo, ya leng teng, ya bileng teng, ya tlang ho tla, ya matla wohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ