Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 89:5 - BIBELE

5 ‘Ke tla etsa hore leloko la hao le hlole kamehla yohle, ke tiise terone ya hao melokong yohle.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Jehova, mahodimo a tumisa mehlolo ya hao, a bolela botshepehi ba hao phuthehong ya bahalaledi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 89:5
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“ ‘Ha matsatsi a hao a se a fetile, o se o orohetse ho bo-ntatao, ke tla etsa hore e mong wa bara ba hao a o hlahlame, ke tiise mmuso wa hae.


Ke yena ya tla nkgahela Tempele, mme ke tla tsitsisa terone ya hae kamehla.


“Meketsa, Jobo! O a arabelwa ke mang? Hara mangeloi o tla ipiletsa ho mang?


Morena o ile a hlapanyetsa Davida, a ke ke a kwenehela tshepiso, tshepiso ena ya nnete, a re: “E mong wa bana ba theka la hao, ke tla mmea teroneng ya hao.


Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.


Mahodimo a bolela ho loka ha hae, kaha Modimo ke yena moahlodi.


E ke e dule teroneng kamehla le mehla, e dule kapele ho Modimo; mohau le nnete ya hao di ke di e boloke.


Ke tla etsa hore leloko la hae le hlole kamehla yohle, le terone ya hae e be teng ha mahodimo a ntse a le teng.


Leloko la hae le tla hlola kamehla, terone ya hae e be teng ha letsatsi le ntse le le pela ka;


Ke mang, mahodimong, ya ka lekanngwang le Morena? Ke mang ya tshwanang le Morena, hara bara ba Modimo?


Mahodimo a bolela ho loka ha hae, ditjhaba tsohle di bona tlotla ya hae.


Binang ka nyakallo, lona mahodimo, hobane tsena Morena o di entse; howeletsang lona dikgohlo tsa lefatshe, lona dithaba binang haholo, le lona meru le fate tsohle tse ho lona, hobane Morena o lopolotse Jakobo, o bonahaditse tlotla ya hae, a e bonahatsa ka Iseraele.


Rona re tswaletswe Ngwana, rona re filwe Mora, puso e tla ba mahetleng a hae, o tla bitswa Radimakatso le Moeletsi, Modimo ya matla, Rabosafeleng, Kgosana ya Kgotso.


Mollo tswang ho yena o no phalla sa noka, ketekete tsa batho di mo sebeletsa, boiyane bo sa balweng bo eme kapele ho yena. Lekgotla la Moahlodi la bulwa, dibuka le tsona tsa phetlwa.


e le hore kajeno, ka kereke, meya e busang, le e laolang sebakeng, e tle e tsebe bohlale ba Modimo ka mefuta yohle ya bona.


A na a re: “Morena o ne a etswa Sinai, tjhaba a se tjhabela a etswa Seire; a phatsima a le hodima Thaba ya Parane, kete tsa bahalaledi di mo apere, ka le letona a utlile sabole e tukang malakabe.


Lona ba hlokofatswang o tla le imolla hammoho le rona, mohla Morena Jesu a bonahatswang, a etswa lehodimong le mangeloi a hae a matla,


Ba ile ba senolelwa hore ba ne ba sa itshebeletse, empa ba ne ba sebeletsa lona ka molaetsa oo le o tsebiswang jwale ke ba le bolellang wona, ka Moya o Halalelang, o romilweng o etswa lehodimong. Ke molaetsa oo le mangeloi a lakatsang ho o utlwisisa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ