Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 89:36 - BIBELE

36 Ke hlapantse hanngwe feela ka lebitso la ka le halalelang: Ha nka ke ka thetsa Davida.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

36 Moloko wa hae o tla nne o be teng ka ho sa feleng, terone ya hae e tla nne e be teng pela ka jwaloka letsatsi;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 89:36
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Modimo a ke a otle Abinere tjena, le ho feta, haeba nke ke ka etsetsa Davida seo Modimo a mo hlapanyeditseng sona,


Ntlo ya hao, le mmuso wa hao, ke tla di tiisa kamehla yohle. Terone ya hao e tla tsitsa kamehla yohle.’ ”


Lebitso la hae le se ke la lebalwa, le se ke la lebalwa le ka mohla, le hopolwe ha letsatsi le ntse le tjhaba. Ditjhaba tsohle di ke di hlohonolofale, di hlohonolofale ka baka la hae, merabe yohle e mmitse ya lehlohonolo.


A ke a phele halelele jwaloka letsatsi, le jwaloka kgwedi ho isa melokong yohle.


Ke tla mo hauhela kamehla, selekane sa rona le yena e tla ba se tiileng.


“Ke entse selekane le mokgethwa wa ka, ke hlapanyeditse Davida, mohlanka wa ka, ka re:


Ho ratile Morena hore a tetetswe, a hlokofatswe, bophelo ba hae e be nyehelo e tlosang sebe; kahoo o tla bona ditloholo tsa hae, matsatsi a bophelo ba hae a lelefale, thato ya Morena e atlehiswe ke letsoho la hae.


“Ha e le nna,” ho rialo Morena, “selekane sa ka le bona ke sena: Moya wa ka o leng ho wena, le dipolelo tsa ka tseo ke itseng o di bue, di ke ke tsa fela molomong wa hao le melomong ya bana ba hao, le melomong ya ditloholo tsa hao ho tloha jwale le kamehla yohle,” ho rialo Morena.


O tla hodisa mmuso wa hae, o be le kgotso e sa feleng; o tla busa a le teroneng ya Davida, a okamele mmuso wa hae, a o tsitsise, a o tshehetse ka toka le ka ho loka kamehla le mehla. Tjheseho ya Morena mabotho e tla phethahatsa hona.


“Morena o bua tjena: Ha o ka wa senya selekane seo ke se entseng le letsatsi, kapa wa senya selekane seo ke se entseng le bosiu, hore letsatsi le bosiu di se hlole di eba teng ka nako ya tsona,


le selekane seo ke se entseng le Davida, mohlanka wa ka, le selekane seo ke se entseng le baprista ba Balevi ba ntshebeletsang, se ka senngwa, le Davida a ka hloka mohlahlami setulong sa hae sa bokgosi.


Morena Modimo ya halalelang o hlapantse ka lebitso la hae, a re: “Bonang, matsatsi a tla tla, ao ka wona le tla tloswa ka kgwathatha; le ba ho qetela hara lona, ba tloswe, ba hulwa ka dilope.


O tla rena hodima ntlo ya Jakobo ka ho sa feleng, mme borena ba hae bo ke ke ba eba le bofelo.”


Yaba letshwele le a mo araba, le re: “Re utlwile Molaong hore Kreste o tla hlola ka ho sa feleng, empa wena o bolela jwang ha o re eka kgona Mora Motho a phahamiswe? Mora enwa wa motho ke mang?”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ