Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 89:34 - BIBELE

34 Feela Davida nke ke ka mo amoha, ka mo amoha mohau wa ka, ka kweneha botshepehing ba ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

34 nke ke ka senya selekane sa ka, mme nke ke ka fetola lentswe le tswileng molomong wa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 89:34
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Feela nke ke ka kgaotsa ho mo hauhela, jwalokaha ke ile ka kgaotsa ho hauhela Saule, eo ke ileng ka mo hleka tseleng ya hao.


Ka hona ke tla hlokofatsa ditloholo tsa Davida, empa e seng kamehla yohle.’ ”


Ke tla ba ntatae, yena e be mora wa ka. Feela nke ke ka kgaotsa ho mo rata jwalokaha ke ile ka kgaotsa ho rata ya bileng teng pele ho wena.


Ka baka la bitso la hao o se ke wa re nyonya, o se ke wa tlontlolla terone e tlotlehang ya hao. Hopola selekane seo o se entseng le rona, o se hopole, o se ke wa se fedisa.


“Morena o bua tjena: Ha o ka wa senya selekane seo ke se entseng le letsatsi, kapa wa senya selekane seo ke se entseng le bosiu, hore letsatsi le bosiu di se hlole di eba teng ka nako ya tsona,


Empa leha ho le jwalo, ha ba le naheng ya dira tsa bona ha ke na ho ba lahla; ha ke na ho ba hloya hoo nka ba timetsang ho hang, ka ba ka senya selekane sa ka le bona, hobane ke nna Morena Modimo wa bona.


“Ke nna Morena, ha ke fetohe; kahoo lona bana ba Jakobo, ha le eso timetswe.


Modimo hase motho hoo a ka buang leshano, hase mora wa motho hoo a ka inyatsang. Na seo a se bolelang a ke ke a se etsa? Na seo a se buileng a ke ke a se phetha?


Lehodimo le lefatshe di tla fela, empa mantswe a ka a ke ke a fela.”


hobane Modimo ha a kwenehele bao a ba sitsitseng, le bao a ba bitsitseng.


Neo e nngwe le e nngwe e molemo, le mpho e nngwe le e nngwe e phethehileng, di tswa hodimo, di theoha ho Ramasedi, eo ho yena ho seng phetoho leha e le phifalo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ