Ke tla ba ntatae, mme yena e be mora wa ka, empa haeba a ka etsa bokgopo, ke tla mo otla ka thupa e kgalemelang bana, le ka meupa eo batho ba e shapang bana ba bona.
ke o nea bohlale, le tsebo. Ke tla be ke o nee le matlotlo, le tlotla, e leng tseo ho eso be le kgosi e kileng ya eba le tsona pele ho wena, kapa e tla ba le tsona kamorao ho wena.”
Morena, Molopolli wa Iseraele, yena Ya Halalelang, o bua tjena ho mohlanka wa babusi, ho ya ileng a nyediswa, a nyonywa ke ditjhaba: “Kgosi di tla o bona, di eme ka maoto, mahosana le wona a tla o obamela, ka baka la Morena, yena ya tshepahalang, Ya Halalelang wa Iseraele, ya o kgethileng.”
Bao a ba tsebileng e sa le pele, o ba kgethile e sa le pele hore ba tshwane le Mora wa hae, e le hore Mora e be letsibolo hara bana ba bangata ba Modimo.