Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 89:16 - BIBELE

16 Ho lehlohonolo setjhaba se tsebang ho etsa mehoo ya thabo, se tsamayang kganyeng ya sefahleho sa hao, Morena,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 se ithabisa kamehla ka lebitso la hao, se ithorisa ka ho loka ha hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 89:16
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ithoriseng ka lebitso la hae, lebitso la hae le halalelang, pelo tsa ba batlang Morena di ke di thabe.


Lentswe la Morena le roba difate tsa dikedare, Morena o roba dikedare, kedare tsa Lebanone.


Pelo tsa rona di a mo thabela, re tshepile lebitso la hae le halalelang.


Ke boletse tsa ho loka ha hao, ka di bolela phuthehong e kgolo; wena Morena, o a tseba, ha ke a ka ka kgutsa.


Empa ke wena ya re pholosang, ya re pholosang ho ba re lwantshang; ba re hloileng ba hlabisa dihlong.


Mahodimo ke a hao, le lefatshe ke la hao; lefatshe le tsohle tse ho lona ke wena ya di theileng.


Lona ba ntlo ya Jakobo tloong, a re tsamayeng seding la Morena.


Ho loka ha ka ke ho tlisa haufi, ebile ha ho sa le hole haholo, ho pholosa ha ka ho ke ke ha dieha. Sione ke tla e pholosa, Iseraele ke e tlotlise.


Mehleng ya kgosi eo, Juda e tla pholoswa, Iseraele le yona e iphelele ka kgotso. Lebitso le tla rewa kgosi eo ke lena: Morena ke yena ho loka ha rona.


“ ‘O tla bala dilemo tse supileng tsa phomolo, e be dilemo tse supileng hasupa, e leng dilemo tsa mashome a mane a metso e robong.


Ka letsatsi la leshome la kgwedi ya bosupa, o tla letsa lenaka; ka letsatsi la tefelo ya sebe le tla letsa lenaka hara naha yohle ya lona.


“Pelo ya ka e tlotlisa Morena, moya wa ka o nyakalletse Modimo, Mopholosi wa ka;


Molaetsa ona o senola kamoo Modimo a lokafatsang batho kateng; feela ho hlokahala tumelo ho tloha qalong ho isa qetellong, jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “Ya lokileng o tla phela ka tumelo.”


Kreste ya neng a se na sebe, Modimo o ile a mo nka e le moetsadibe ka baka la rona, e le hore ka yena Modimo a re etse ba lokileng.


ke be ntho e le nngwe le yena, e seng ka ho loka ha ka ho tswang Molaong, empa ka ho loka ho fumanwang ka tumelo ho Kreste. Ho loka hona ho tswa ho Modimo, ho theilwe hodima tumelo.


Kamehla thabang ka ho ba ho Morena; ke boela ke re: Thabang!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ