Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 89:12 - BIBELE

12 Mahodimo ke a hao, le lefatshe ke la hao; lefatshe le tsohle tse ho lona ke wena ya di theileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 O bopile leboya le borwa; Thabore le Hermone di rorisa lebitso la hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 89:12
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Modimo o sarolotse leboya hodima sepakapaka, a leketlisa lefatshe hodima bofeelafeelane.


Mahodimo ke mahodimo a Morena, lefatshe lona o le neile bana ba batho.


Ho jwaloka phoka ya Heremone, e lalang hodima dithaba tsa Sione; ke moo Morena a faneng ka tlhohonolofatso ya hae teng, e leng bophelo, bophelo ba kamehla le mehla.


Pesalema ya Davida. Lefatshe ke la Morena le tsohle tse ho lona, lefatshe le bohle ba ahileng ho lona.


Ke yena ya le theileng hodima mawatle, a le tiisa hodima madiba.


Dinoka di ke di ope diatla, dithaba kaofela di etse ditlatse


Lona mahodimo binang ka thabo, wena lefatshe nyakalla, lona dithaba binang ka nyakallo! Morena o tshedisa setjhaba sa hae, o hauhela tjhaba sa hae se tujwang.


“Ke a tiya, ke a hlapanya,” ho rialo Kgosi, Kgosi eo bitso la yona e leng Modimo wa mabotho; “E mong o tla tla sa Tabore hara dithaba, a tle sa Karamele e pela lewatle.


Tsena ke dikgosi tsa dinaha tseo bana ba Iseraele ba ileng ba di hlola. Ba hapa naha ya tsona e kamose wane ho Jorodane, ka botjhabela, ho tloha Kgohlong ya Arenone, ho ya fihla thabeng ya Heremone, le Araba yohle ka botjhabela.


Moedi o ne o fihla Tabore, le Shahasaime, le Bete-Shemeshe; o yo fella Jorodane. E ne e le metse e leshome le metso e tsheletseng, le metsana ya yona.


Ba tsebisa Sisera hore Barake, mora wa Abinoame, o nyolohetse thabeng ya Tabore.


A roma maqosa ho ya bitsa Barake, mora wa Abinoame, ya tswang Kedeshe e Nafthali, mme Debora a re ho yena: “Morena Modimo wa Iseraele, o o laetse, a re: ‘Tsamaya, o lebe thabeng ya Tabore, o ye le bana ba dikete tse leshome ba tswang hara bana ba Nafthali le hara bana ba Sebulone.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ