Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 88:8 - BIBELE

8 Kgalefo ya hao e nkimetse, maqhubu wohle a hao a mpupeditse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 O suthiseditse hole le nna ba tsebanang le nna, o nkentse ntho e manyala ho bona; ke kwalletswe moo ho se nang ho tsuwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 88:8
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

moo a heleditseng ho ke ke ha tsoswa marako, eo a mo kentseng tjhankaneng a ke ke a lopollwa.


“O tinkeditse tsela, ke sitwa ho feta; tselana tsa ka di aparetswe ke lefifi.


Ba se ba nnyonya ba bile ba nkwekwetla, fahleho sa ka ba se tshwela ka mathe.


Ha moya wa ka o imetswe, wena o tseba tsela ya ka. Tseleng eo ke tsamayang ho yona ba ntjhehetse sefi.


Moya wa ka o imetswe, pelo ya ka e thethefetse, e thethefetse ka sefubeng sa ka.


Bophelo ba ka bo fedile, bo fedile ke mahlomola, dilemo tsa ka di ile ke ho fehelwa; matla a ka a fediswa ke ho hlopheha, le masapo a ka a kgathetse.


Bodiba bo arabela bodiba ka ho hwasa ha diphororo tsa hao, maqhubu le merallo yohle ya hao e fetile hodima ka.


ka matsatsi wohle di mpotapotile, di mpotapotile jwaloka metsi, kaofela ha tsona di nkopetse hare.


Morena, Molopolli wa Iseraele, yena Ya Halalelang, o bua tjena ho mohlanka wa babusi, ho ya ileng a nyediswa, a nyonywa ke ditjhaba: “Kgosi di tla o bona, di eme ka maoto, mahosana le wona a tla o obamela, ka baka la Morena, yena ya tshepahalang, Ya Halalelang wa Iseraele, ya o kgethileng.”


“Ke tlabiketse tlhotlelo sa veine ke le inotshi, hara baditjhaba ha ho ya kileng a ba le nna. Ke ile ka ba hatakela ke halefile, ka ba tlabikela ke loloma ke kgalefo; madi a bona a qaphaletsa aparo tsa ka, kobo tsohle tsa ka tsa silafatswa ke madi ao.


Ka nako eo mabotho a kgosi ya Babilona a ne a etseditse Jerusalema thibella, mme moporofeta Jeremia o na kwaletswe ka lebaleng la tjhankana e neng e le ka tlung ya kgosi ya Juda.


Ka kgwedi e le nngwe ka bolaya badisa ba bararo, hobane ba ne ba ntenne, ba se ba ntlhoile.


Baprista ba baholo le Bafarisi ba ne ba laetse hore ha e mong a ka tseba moo a leng teng, a bolele, ba tle ba mo tshware.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ