Yaba monna eo o nkgutlisetsa monyako wa Tempele, mme ka bona metsi a phalla, a etswa katlase ho monyako wa Tempele, a phallela botjhabela, kaha Tempele e ne e tadimile botjhabela. Metsi a ne a phalla a etswa katlasa lehlakore le ka borwa ho monyako wa Tempele, ka borwa ho aletare.
Jesu a mo araba, a re: “Hoja o tsebile mpho ya Modimo, le hore na ke mang ya reng ho wena: ‘Ako mphe, ke nwe,’ wena, o ka be o mo kopile, mme a ka be a o file metsi a kollang.”
athe mang le mang ya nwang metsi ao ke tla mo fa wona, a ke ke a hlola a nyorwa le ka mohla, empa metsi ao ke tla mo fa wona a tla fetoha ka ho yena sediba sa metsi a kopoletsang bophelong bo sa feleng.”
Neo e nngwe le e nngwe e molemo, le mpho e nngwe le e nngwe e phethehileng, di tswa hodimo, di theoha ho Ramasedi, eo ho yena ho seng phetoho leha e le phifalo.
Moya le monyaduwa ba re: “Tloo.” Ya utlwang le yena a ke a re: “Tloo.” Ya nyorilweng a ke a tle; ya ratang a ke a nwe metsi a bophelo, a fanwang feela.