Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 87:4 - BIBELE

4 “Hara ditjhaba tse ntsebang ke bolela tsena: Egepeta le Babilona, Filesitiya le Tire, mmoho le Kushe; ka tsona ho thwe: ‘Motho enwa o tswaletswe Sione.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Hara ba ntsebang ke tla bala Egepeta le Babilona; Filestia ke eo le Tire, le Ethiopia; di tswaletswe teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 87:4
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Modimo ha a halefile eba o halefile, mahlahana a Rahaba a tjapaletse maotong a hae.


Mabopong a dinoka tsa Babilona, re ne re dutse re lla, ha re hopola Sione.


hore kgosi e tle e tjhatjhehele botle, e tjhatjhehele botle ba hao haholo. Kahobane ke yona monga hao, o itihe maotong a yona.


Kgalema sebatana se moferong, batho ba kang mohlape wa dipoho, le manamane a wona, ba ke ba ineele, ba o tlisetse silefera; qhalanya ditjhaba tse ratang ntwa.


Ke wena ya busang lewatle le befileng, ke wena ya kgutsisang maqhubu a bilohang.


Mahosana a Sowane ke dithoto, keletso tsa bahlalefi ba Faro ke tsa bothoto; ba ka rialo jwang ho Faro, ba re: “Re bara ba ba bohlale, tloholo tsa kgosi tsa boholoholo?”


Morena tsoha! Tsoha o re thusetse ka tsoho la hao le matla! O tsohe jwaloka mehleng ya kgalekgale, o tsohe jwaloka melokong ya boholoholo. Na hase wena ya neng a kgabelake Rahaba? Na hase wena ya neng a kgehlepele kganyapa?


ke tla bitsa ditjhaba tsohle tse ka leboya,’ ho rialo Morena, ‘ke bitse le mohlanka wa ka Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, ditjhaba tseo di futuhele naha ena le baahi ba yona, di futuhele le ditjhaba tsohle tse ahelaneng le tsona, di di ripitle ho hang, di di etse setsoto, e be sekgobo, mme di timelle ruri.


“Wena ngwana motho, bolella kgosana ya Tire, o re: ‘Morena Modimo o re: “ ‘Pelo ya hao e a ikgohomosa, o bile o re: Nna ke modimo, ke dutse teroneng ya Modimo, e potapotilweng ke mawatle. Empa o motho, ha o modimo, le hoja o re o bohlale sa Modimo.


a bua, a re: “Na ee hase yona Babilona e kgolo, eo ke e hahileng ka matla a ka a maholo, e le ntlo ya bokgosi le tlotla ya botlotlehi ba ka?”


A ema, a tsamaya. Ho ne ho ena le monna wa Mokushe wa lehaole, e le letona la Kandake, mofumahadi wa Bakushe, le modisa wa matlotlo a hae wohle. O ne a tlile Jerusalema ho tla kgumamela Modimo.


Phatleng ya hae ho ne ho ngotswe lebitso le fupereng sephiri: “Babilona e kgolo, mma diotswa tsohle le manyala wohle a lefatshe.”


La howa ka lentswe le matla, la re: “E wele! E wele! Babilona e kgolo! E fetohile leaho la bademona, setshabelo sa meya yohle e ditshila, le sa dinonyana tsohle tse ditshila, tse hloyehang.


Goliate a ema, a howeletsa mabotho a Baiseraele, a re: “Ke ka baka lang ha le futuha ka mabotho? Nna ke Mofilesita, lona le makgoba a Saule! Kgethang monna hara lona mono, a theohele ho nna mona!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ