Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 86:16 - BIBELE

16 Ako kgutlele ho nna, o nkgauhele; matlafatsa mohlanka wa hao, o pholose mora wa lekgabunyane la hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 O retelehele ho nna, o nkgauhele, o nee mohlanka wa hao matla a hao, o pholose mora wa lekgabunyane la hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 86:16
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ruri, Morena, ke mohlanka wa hao, mora wa lekgabunyane la hao; o tlamolotse ditlamo tsa ka.


Retelehela ho nna, o nkgauhele, jwalokaha ho lokela ba ratang lebitso la hao.


Ke wa hao, ako mpholose, hobane ke thahasella ditaelo tsa hao.


Ha ke ne ke ipiletsa ho wena o ile wa nkaraba, wa matlafatsa moya wa ka.


Retelehela ho nna, o nkgauhele, hobane ke nnotshi, mme ke hlophehile.


Ha e le nna ke ile ka re: “Morena, nkgauhele, mphodise hobane ke o sitetswe.”


Ke se ke ka nkwa ke morallo wa metsi, ka metswa ke bodiba, ka kometswa ke lebitla.


Ho lehlohonolo ba phelang tlung ya hao, ba sa kgaotseng ho o rorisa.


Ako boele o re hopole, Morena! O tla dieha ho fihlela neng? Qenehela bahlanka ba hao. E sa le hoseng,


“Batho bohle ba tla bua ka nna, ba re: ‘Ho loka le matla di ho Morena a inotshi.’ Bohle ba ileng ba mo halefela, ba tla tla ho yena, ba hlabiswe dihlong.


Matla a bona a tla tswa ho Morena, ba mo kgumamele, ba mo hlomphe,” ho rialo Morena.


Yaba Maria o re: “Ke lekgabunyane la Morena; a ho be jwalo ho nna ho ya ka polelo ya hao!” Yaba lengeloi le tloha ho yena.


Ka ho ya ka boholo ba tlotla ya hae, a ke a le ekeletse matla ka Moya wa hae le tle le matlafale bothong ba lona ba moya,


Ke qetella ka ho re: Imatlafatseng ka matla a maholo a Morena.


Nka etsa tsohle ka Kreste ya mmatlafatsang.


Le tla matlafatswa ka mekgwa yohle, ka matla a tswang tlotleng ya hae, hore le tle le be le tiisetso le mamello e phethehileng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ