Dipesaleme 86:15 - BIBELE15 Empa wena Morena, o Modimo o na le kutlwelobohloko le mosa, o dieha ho halefa, o tletse mohau le botshepehi. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)15 Empa wena, Morena, o Modimo o lereko, o molemo, o diehang ho halefa, o tletseng mohau le nnete. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ba hana ho mamela, ba lebala ketso tsa hao, dimakatso tsa hao, tse entsweng hara bona; ba se ke ba di natsa, ba ba manganga, ba o fetohela, ba ikgethela moetapele, hore a ba busetse bokgobeng ba bona. Empa o Modimo ya tshwarelang kamehla, o lereko, o mohau, o dieha ho halefa, o bile o lerato, mme ha o a ka wa ba furalla.