Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 86:14 - BIBELE

14 Modimo, baikakasi ba ntsohetse matla, sehlopha sa ba sehloho se batla bophelo ba ka, ha ba na taba le wena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Oho Modimo, baikakasi ba mpokanetse, letshwele la batho ba tshabehang le batla bophelo ba ka; ha ba ka ba o bea pela mahlo a bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 86:14
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale Abosalome a re ho Ahitofele: “Ako re eletse hore na re etse jwang.”


Yaba Abosalome le banna bohle ba Iseraele, ba re: “Keletso ena ya Hushai wa Moareke e ntle ho feta keletso ya Ahitofele.” Morena o ne a rerile hore keletso e ntle ya Ahitofele e nyope, e le hore Morena a tle a dihele koduwa hodima Abosalome.


Ka pelong ya kgopo o re: “Modimo o a lebala, o ipatile sefahleho, a ke ke a bona letho le kgale.”


Ya kgopo o nyedisetsang Modimo, ka pelong ya hae a re: “A ke ke a phetetsa?”


Ya kgopo o swenya dinko, o re: “Modimo ha a phetetse, ha ho na Modimo.” Ke phetho seo a se nahanang.


Baikgohomosi ba ntlaka haholo, empa ha ke furalle Molao wa hao.


Le hoja baikgohomosi ba nneta ka leshano, ke tla boloka ditaelo tsa hao, ke di boloke ka pelo ya ka yohle.


Baikgohomosi ba ntjheketse mamena; bona ba sa yeng ka Molao wa hao.


Na baa bohle ha ba na tsebo, baa ba etsang tse sa lokang, baa ba itjellang setjhaba sa ka, jwalokaha ba eja bohobe, ba sa ipiletse ho Morena?


Morena, ako nnamolele, o nnamolele diatleng tsa ba babe, o ntshireletse ho batho ba sehloho, ba rerang hore ke kgothometsehe.


Pesalema ya Davida, mohlanka wa Morena, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.


O nne o be mohau ho ba o tsebang, o nne o sitse ba pelo di ntle ka ho loka ha hao.


Oho, Modimo, ako mpholose, mpholose ka baka la lebitso la hao, o nkahlolele ka matla a hao.


Baikakasi ba ntsohetse matla, ba sehloho ba batla bophelo ba ka, ha ba na taba le Modimo.


Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, na o bone seo e mong le e mong wa baholo ba ntlo ya Iseraele a se etsang mafifing, ka kamoreng ya modingwana wa hae? “Ba re: ‘Morena ha a re bone! Morena o furaletse lefatshe!’ ”


Jwale Morena a re ho nna: “Bokgopo ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda bo boholo haholo. Naha e tletse dipolao, toka ha e yo motseng ona. Ba re: ‘Morena o furaletse naha ena; Morena ha a bone.’


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ