Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 86:11 - BIBELE

11 Nthute tsela ya hao Morena, ke tle ke tsamaye nneteng ya hao; tataisetsa pelo ya ka tshabong ya lebitso la hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Jehova, mpontshe tsela ya hao, ke tle ke tsamaye nneteng ya hao! o tlamelle pelo ya ka yohle le tshabo ya lebitso la hao!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 86:11
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ako nthute tseo ke sa di tsebeng, haeba ke entse bokgopo nke ke ka pheta hape;’


Ke ikgethetse tsela ya nnete, dikahlolo tsa hao ke di hlokometse.


Morena, nthute ho tsamaya ho ya ka thato ya hao, ke tle ke e latele ho isa qetellong.


O mpopile ka matsoho a hao, wa nnea sebopeho; ako nnee kutlwisiso, ke tle ke ithute melao ya hao.


Haeba ho teng ya tshabang Morena, Morena o tla mmontsha tsela, tsela eo a tshwanetseng ho e kgetha.


Ke hopola mohau wa hao kamehla, ke phela ho ya ka nnete ya hao.


Mpontshe tsela ya hao Morena, o ntsamaise mmileng o bataletseng, ka baka la ba ntaletseng.


Empa nna nka kena tlung ya hao, ka baka la boholo ba mohau wa hao. Ke tla o kgumamela ka tshabo, ka Tempeleng ya hao e halalelang.


Pelo tsa Baiseraele di tletse mano, kahoo ba fumantshwa kotlo ya bona. Modimo o tla heletsa dialetare tsa bona, a dihe difika tsa medingwana bona.


Ekaba Efraime o sa tla etsang ka medingwana? Ke mo utlwile, ke tla be ke mo lebele. Nna ke ka sefate sa kipere, fate se setalana, ke ka thuso ya ka o behang ditholwana.”


bona ba obamang ba le hodima matlo, bona ba obamang, ba kgumamela dinaledi, ba kgumamela kgwedi, ba kgumamela letsatsi, bona ba obamang, ba hlapanye ka bitso la Morena, empa ba ntse ba hlapanya le ka Milekome.


O ile a ruta thuto ya nnete, a se ke a bua leshano. A tsamaya le nna ka kgotso le ka ho loka, mme a sokolla ba bangata sebeng.


Ka letsatsi le leng le le leng ba ba mmoho ka Tempeleng ba le maikutlo a le mang, ba kena ntlo ka nngwe ba ntse ba ngwatha bohobe; ba ja dijo ka thabo le ka pelo tse tshweu.


Ha le ka ke la nwela senwelong sa Morena le senwelong sa bademona. Ha le ka ke la jela tafoleng ya Morena le tafoleng ya bademona.


Empa ya ikopanyang le Morena ke ntho e le nngwe le yena ka moya.


Empa ke a tshaba, esere mohlomong maikutlo a lona a senyeha, la kgeloswa botshepehing ba lona ba nnete ho Kreste, jwalokaha noha e ne e thetse Eva ka mano a yona.


haeba ruri le utlwile tsa hae, mme le rutilwe nnete kamoo e leng kateng ho Jesu.


Eng kapa eng eo le e etsang kapa le e bolelang, le e etse lebitsong la Morena Jesu, mme ka yena le lebohe Modimo Ntata lona.


Ke ile ka itumela haholo, hobane ke fumane ba bang ba bana ba hao ba tsamaya nneteng, jwalokaha re laetswe ke Ntate.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ