“Batho bohle ba tla bua ka nna, ba re: ‘Ho loka le matla di ho Morena a inotshi.’ Bohle ba ileng ba mo halefela, ba tla tla ho yena, ba hlabiswe dihlong.
O tla bontsha Jakobo, o mmontshe botshepehi ba hao, Aborahama le yena o mo hauhele, jwalokaha o ila wa hlapanya, wa hlapanyetsa bo-ntata rona mehleng ya kgalekgale.
Ka baka leo, jwalokaha sebe se ile sa busa ka lefu, ka mokgwa o jwalo mohau o busa ka ho loka ho isang bophelong bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena wa rona.
A ba a arolelwa karolo e le nngwe ho tse leshome ya kgapo yohle ke Aborahama. Lebitso la Meleki-Sedeke ke ho re: “Kgosi ya toka”. Hape e ne e le kgosi ya Salema, e leng ho re: “Kgosi ya kgotso”.