Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 85:1 - BIBELE

1 Pesalema ya bara ba Kora, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Jehova, o hlohonolofaditse naha ya hao, o kgutlisitse batshwaruwa ba Jakobo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 85:1
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Palo ya dintho tsena tsohle tse entsweng ka kgauta le ka silefera e ne e le dikete tse hlano le makgolo a mane. Tsena tsohle Sheshebasare a tla le tsona, ha bathopuwa ba neng ba le Babilona ba kgutlela Jerusalema.


E se eka pholoho ya Iseraele e ka tswa Sione! Mohla Morena a kgutlisang setjhaba sa hae, a se kgutlisa bothopuweng, Jakobo o tla nyakalla, Iseraele le yena a thabe.


Thothokiso e nang le thuto, ya bara ba Kora, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.


Bosiu ke fihlelwa ke pina pelong, ke a nahana, moya wa ka o a balabala:


Morena o bua tjena: “Ke tla kgutlisa tjhaba sa ka, ke se kgutlisetse naheng ya sona, lelapa ka leng ke le hauhele. Masupi a Jerusalema a tla tsoswa, le yona ntlo ya bokgosi e be e tsoswe.


Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: “Ha ke se ke kgutlisitse setjhaba sena bothopuweng, baahi ba Juda le ba metsana ya yona ba tla boela ba bua tjena: “ ‘Morena a o hlohonolofatse, wena leaho la toka, wena o leng thaba e halalelang.’


“Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: Jwale ke tla kgutlisa ba ntlo ya Jakobo bothopuweng, ke hauhele bohle ba ntlo ya Iseraele, mme ke boulele lebitso la ka le halalelang.


Morena a boulela naha ya hae, setjhaba sa hae a se hauhela.


“Bonang, ka matsatsi ao, ka yona nako eo, ke tla atlehisa ba Juda le ba Jerusalema.


le nna he, ke tla hopola selekane sa ka le Jakobo, le selekane sa ka le Isaka; le selekane sa ka le Aborahama ke tla se hopola, mme le naha ke tla e hopola.


“Ka baka leo, Morena o bua tjena: ‘Ke kgutletse Jerusalema ho tla e hauhela, mme Tempele ya ka e tla tsoswa,’ ho rialo Morena wa mabotho. ‘Le kgwele e methang e tla otlollelwa hodima Jerusalema,’ ho rialo Morena wa mabotho.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ