Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 84:12 - BIBELE

12 Morena Modimo ke qhobosheane, ke thebe ya rona, o fana ka mohau le tlotla; ha ho letho le molemo leo Morena a ka le timang ba metsamao e hlwekileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Jehova wa makgotla, ho lehlohonolo motho ya o tshepang!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 84:12
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena, ako etse tse molemo, o di etsetse ba lokileng, le ba pelo di ntle.


Ho seng jwalo o tla halefa, mme le timelle tseleng ya lona, hobane kgalefo ya hae e phakisa ho tuka. Ho lehlohonolo bohle ba tshabelang ho yena.


Empa wena Morena, o thebe e ntshireletsang, o mpha seriti, o ntsosa molota.


Lengeloi la Morena le sireletsa kamahohle ba mo tshabang, mme le a ba namolela.


Pholoho ya ka e tswa ho Modimo, le tlotla ya ka e tswa ho yena, ke yena lefika la ka le matla; Modimo ke setshabelo sa ka.


Empa Morena o rata ho le hauhela, o labalabela ho tla le rekolohela, hobane Morena ke Modimo wa toka, ho lehlohonolo bohle ba mo lebeletseng.


Ke mang wa lona ya tshabang Morena, ya mamelang lentswe la mohlanka wa hae? Ya tsamayang lefifing a se na lesedi? Ha a ke a tshepe lebitso la Morena, a itshetlehe ka Modimo wa hae.


Letsatsi e ke ke ya hlola e eba lesedi la hao motsheare, le bosiu ngwedi e ke ke ya hlola e o bonesetsa; Morena e tla ba lesedi la hao, sedi la kamehla yohle, Modimo wa hao e be yena tlotla ya hao.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ