Pule, kgosi ya Asiria, a futuhela naha ya Iseraele. Menaheme a thella Pule ka silefera e boima ba dikilo tse dikete tse mashome a mararo a metso e mene hore Pule a tle a mo thuse, a mo tsitsise bokgosing.
Ditsebi tsa mesebetsi tse tswang Gebale, di ne di le teng ho thiba matlere a hao. Dikepe tsohle le basesisi ba tsona di ne di etla ho tla hweba le wena.
“Yaba Morena o re ho nna: ‘Le se ke la futuhela Moabe, le se ke la mo qholotsa hore a lwane. Nke ke ka le nea naha ya hae, hore e be ya lona, hobane Are ke e neile bana ba Lota hore e be ya bona.’ ”