6 Ba rerisana ba le pelonngwe, ba entse selekane ho o lwantsha:
6 e leng ba ditenteng tsa Edomo, le Baishmaele, Bamoabe, le Bahagarene,
Nakong ya puso ya Saule ba futuhela Bahagare, mme ba ba hlola. Yaba ba se ba kena ditenteng tsa Bahagare, naheng yohle e ka botjhabela ho Gileade.
Kamora tsena, Bamoabe, le Baamone, le Bameune ba bang, ba futuhela Jehoshafate.
Morena, ako hopole, ako hopole bana ba Edomo, mohla letsatsi la Jerusalema, ha ba ne ba re: “E heletseng, e heletseng, ho isa metheong ya yona!”
Dikgosi tsa lefatshe di eme ka maoto; babusi, ba le mmoho, ba rera Morena le Motlotsuwa wa hae, ba re:
Botjhaba ba Moabe bo tla fediswa, hobane e ikakaseditse Morena.
Egelone a kopanya mabotho a hae le a Baamore le a Baamaleke, yaba o a futuha, o hlola Baiseraele, o hapa motse wa Jeriko.