Yaba o bua le bana babo, le bahlabani ba lebotho la Samaria, o re: “Bajuda baa ba fokolang, ba etsang? Na ba rata ho tsosa lerako lee? Na ba batla ho etsa mahlabelo? Na mosebetsi oo ba tla o qeta ka letsatsi? Na ba tla tsetolla majwe a tjheletseng qubung ee ya lesupi?”
Empa ke ne ke tshwana le konyana e iswang moo e tla hlabelwa teng. Ke ne ke sa tsebe hore ba ntherile, ba re: “A re timetseng sefate le tholwana tsa sona; a re mo tloseng lefatsheng, fatsheng la ba phelang, hore bitso la hae le se hlole le sa hopolwa.”
Moabe ha e sa tla hlola e roriswa, ba Heshebone ba e reretse ho e timetsa, ba re: ‘Tloong re fedise botjhaba ba yona.’ Le lona baahi ba Madamene le tla timetswa, sabole le yona e le phaladise.
E tla bua ka boikakaso ho Ya Hodimodimo, e hlorise bahalaledi ba Ya Hodimodimo. E tla leka ho fetola dinako tsa selemo le melao. Ho tla neelanwa ka bahalaledi matsohong a yona ka nako e etsang dilemo tse tharo le halofo.
Empa hore taba ena e tle se ke ya hasana haholo hara setjhaba, a re ba hlokomediseng ka ditshokelo, hore ba se hlole ba bua le motho le ya mong ka lebitso lena.”