Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 83:2 - BIBELE

2 Oho, Modimo, o se ke wa ipha tshwea; se kgutse, Modimo, se kgobe matshwafo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Hobane dira tsa hao di a dumaduma, ba o hloyang ba emisa dihlooho;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 83:2
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke utlwile ho mpurumela ha hao, le lerata la hao, kahoo ke tla kenya kgwathatha, ke e kenye nkong ya hao, ke kenye le tomo ka hanong la hao, ke be ke o kgutlise le mehlala ya hao.


Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Modimo, wena eo ke o rorisang, o se ke wa kgutsa,


Se lebale ho rora ha ba o lwantshang, ho eketseha ha lerata la ba o tsohelang matla.


Ba o lwantshang ba puruma, ba puruma ba le Sehalalelong sa hao, ba hlomile mekgele ya bona, ba e hloma e le pontsho ya tlholo.


nka be ke kokobetsa dira tsa hae, ke di kokobetsa hanghang, ke hlola ba mo lwantshang, ke ba hlola ka letsoho la ka.


Dinoka di a tlala, Morena, dinoka di a hwasa, dinoka di a duma.


Utlwang modumo wa matshwele a ditjhaba! A duma sa lewatle le tsudubutlana! Bonang kamoo tjhaba di kgorohang kateng! Di kgoroha sa maqhubu a phuthumana!


O omantse mang, wa mo ja tlepane? Ke mang eo o ntseng o mo kgaruma? Ke mang eo o mo tlodisang mahlo hodimo? Ke Ya Halalelang wa Iseraele!


Ke utlwile ho mpurumela ha hao le lerata la hao, kahoo ke tla kenya kgwathatha ka nkong ya hao, ke kenye le tomo ka hanong la hao, ke be ke o kgutlise le mehlala ya hao.


ba tla o tsohela matla, ba o lwantshe, empa ho o hlola ba ke ke be ba o hlola, hobane ke na le wena ho o namolela,” ho rialo Morena.


Yare ha Pilato a bona hore ha ho thuse letho, lerata le mpa le eketseha, a nka metsi, a hlapa matsoho pontsheng ya letshwele, a re: “Ha ke na molato mading a motho enwa; ke tabeng ya lona!”


Letshwele la kopana, la ba tsohela matla, baahlodi ba ba tabolela diaparo, mme ba laela hore ba shapuwe.


Empa Bajuda ba eba mona, ba phutha banna ba bang ba kgopo, ba lebaleng la motse, ba ya le bona, ba tsosa moferefere motseng; ba futuhela ntlo ya Jasone, ba batla Paulosi le Silase ho ba tlisa kapela pitso ya setjhaba.


Motse wohle wa hlokoleha, batho ba phalla, ba tshwara Paulosi, ba mo hulela kantle ho Tempele, mme hanghang menyako ya kwalwa.


Ba mo mamela ho fihlela a bolela polelo ena, ba nto howa, ba re: “Tlosang motho ya tjena lefatsheng, hobane ha a lokele ho phela.”


Ha kgang e kgolo e loela, molaodi wa ba sekete, ka ho tshaba hore ba se tshohe ba tsekolla Paulosi, a laela hore bahlabani ba theohe, ba mo ntshe kahara letshwele, ba mo ise qhobosheaneng.


Bamidiane ba kokobetswa jwalo, kapele ho bana ba Iseraele, ba se ke ba hlola ba tsosa mohlahla. Mehleng eo ya Gideone naha ya eba le kgotso ka dilemo tse mashome a mane.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ