Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 83:13 - BIBELE

13 ba neng ba ile ba re: “A re ikgapeleng naha ya Modimo, e be ya rona.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Modimo wa ka, ba be pela hao jwaloka setsokotsane, jwaloka mooko o fefolwang ke moya,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 83:13
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O tla lelekisana le lehlaku, lehlaku le feferetseha le moya, o lelekisane le mmoko o omeletse?


Ke hakae ba kang dirite ha moya o pepetla, ba kang mmoko ha sefefo se o fefera?


Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka modumo wa “Kgama ya meso”.


Ba ke ba tshwane le mmoko, mmoko o fefolwang ke moya, ha lengeloi la Morena le ba kgarametsa.


Hase ka sabole ba hapileng naha eo, leha e le ho hlola ka matsoho a bona; empa e bile ka tsoho la hao le letona, le ka sefea sa hao, le ka ho ba phuthollela fahleho sa hao, hobane o ne o ba rata.


Ka boholo ba botlotlehi ba hao, o diha ba o tsohelang matla; kgalefo ya hao ha e tuka e ba tjhesa jwaloka mmoko.


Ba jwaloka sethopo se qetang ho hlongwa, seo metso ya sona e eso ka e tiya; ha moya wa Modimo o foka se ye se pone, setsokotsane se se fefole jwalokaha eka ke mmoko.


“Ya tswang botjhabela o ila tliswa ke mang, yena ya hlolang hohle moo a yang teng? Ya mo neileng matla a ho hlola ditjhaba ke mang, hore a hatakele dikgosi tse mo emang kapele? O di fekefa ka sabole, a di fetole lerole, ka seqha sa hae a di fefole sa mmoko!


“Kahoo ke tla ba hasanya sa mmoko o fefoha, o fefolwa ke moya wa lehwatata.


“ ‘O ile wa re: “Ditjhaba tsena tse pedi le dinaha tsena tse pedi e tla ba tsa ka, mme re tla di hapa,” le hoja nna Morena, ke ne ke ntse ke le teng.


Morena Modimo o bua tjena: Dira di ile tsa tsheha, tsa re: “Aha! Dihlaba tsa boholoholo re di hapile!” ’


Seoloso se letsohong la hae, mme o tla fiedisisa seotlo sa hae, a bokelle koro ya hae sesiung, mmoko wona a o tjhese mollong o sa timeng.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ